Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 7:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Yaba dihlopha tse tharo di letsa diterompeta, tsa pshatla dinkgo, mme ba tshwara e mong le e mong serumula ka letsoho le letshehadi, le terompeta ka letsoho le letona, ba di letsa, ba howa, ba re: Sabole ya Jehova le ya Gideone!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Banna ba dihlopheng tsena tse tharo ba letsa manaka, ba pshatla mepotjwana, ba nka dirumola ka matsoho a matshehadi, ka a matona ba nka manaka ao ba tla a letsa, ba howa, ba re: “Ka sabole ya Morena le ya Gideone!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 7:20
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mehlang eo, terompeta e kgolo e tla letswa, mme ba tebeletsweng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Egepeta, ba tla tla, ba kgumame pela Jehova thabeng e halalelang, Jerusalema.


Jo! Sabole ya Jehova, o tla phomola neneng? Kgutlela selateng sa hao, o kgutse, o eme!


hang, ka ho panya ha leihlo, ka terompeta ya morao; hobane terompeta e tla lla, mme bafu ba tla tsoha, ba se ke ba boela ba bola, mme le rona re tla fetoha.


Empa letlotlo leo, re na le lona dipitseng tsa letsopa, matla ao a tlodisang e be a Modimo, e seng a rona.


Hobane Morena ka sebele o tla theoha lehodimong ka mohoo, ka lentswe la arekangeloi, le ka terompeta ya Modimo, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.


Ka tumelo, Abele o hlahisitse pela Modimo sehlabelo se fetisang sa Kaine; mme ka baka la yona o pakilwe hore o lokile, hobane Modimo o pakile dineo tsa hae; mme leha a shwele, le jwale o sa bua ka yona tumelo eo.


Ka lekgetlo la bosupa, ha baprista ba letsa diterompeta, Joshua a re ho setjhaba: Hlabang ditlatse, hobane Jehova o le neetse motse.


Ebile setjhaba se hlaba ditlatse, ha letswa diterompeta, mme setjhaba ha se utlwa modumo wa diterompeta, sa hlaba ditlatse tse kgolo; lerako la heleha kaofela; setjhaba sa nyolohela motseng; e mong le e mong pela hae, mme ba kena motse.


Baprista ba supileng ba tshware diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba etelle areka pele; ka tsatsi la bosupa, le potolohe motse hasupa, mme baprista ba letse diterompeta.


Mme ke tla phehella hore, leha ke se ke tlohile, le nne le be le se ka le hopotsang taba tseo.


Ha ho le jwalo, Gideone a tsamaya le batho ba lekgolo bao a nang le bona, ba fihla pheletsong ya diahelo, ho sa qalwa tebelo ya bosiu bo boholo, ho sa tswa bewa balebedi. Ba letsa diterompeta, mme ba pshatla dinkgo tse matsohong a bona.


Ba ema e mong le e mong bakeng sa hae, ba teetse diahelo hare, mme bohle ba diahelong ba qala ho titimela mane le mane, ba howa, ba baleha.


Hosasa, Saule a hlopholla setjhaba, a etsa makgotla a mararo; ba kena hara diahelo ka nako ya tebelo ya meso, mme ba bolaya Baammone, ya ba ya eba motshehare; ba phonyohileng ba qhalanngwa, ha ba ha hlokahala ba tsamayang ka bobedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ