Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 7:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Eitse hobane Gideone a utlwe taba tsa toro le hlalosetso ya yona, a inama, a ntoo kgutlela diahelong tsa Baiseraele, a re: Emang, hobane Jehova o neetse diahelo tsa Bamidiane matsohong a lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ha Gideone a se a utlwile tsa toro le tlhaloso ya yona, a kgumama, a nto kgutlela diahelong tsa Baiseraele. A fihla, a re: “Tsohang, hobane Morena o neelane ka lebotho la Bamidiane matsohong a lona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 7:15
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka inama, ka kgumamela Jehova; ka boka Jehova, Modimo wa mong a ka Abrahama, ya ntsamaisitseng ka tsela e lokileng, ke tle ke nkele mora mong a ka moradi wa banababo.


Ba re ho yena: Re lorile ditoro, mme ha ho ya di phuthollang. Josefa a re ho bona: Diphuthollo na ha di tswe ho Modimo na? A le ke le mpolelle hle.


Ra lora ditoro bosiung bo le bong, nna le yena, mong le mong toro ya hae ka phuthollo ya yona.


A re ho bona: Ntateleng, etswe Jehova a neetse Bamoabe, dira tsa lona, matsohong a lona. Ba theoha, ba mo sala morao, mme ba tshwara madiboho a Jordane mabapa le Moabe, ba se ke ba dumella motho ho tshela.


Debora a re ho Barake: Raoha, hobane ke lona letsatsi leo Jehova a tla neela Sisera matsohong a hao! Ha ka re, Jehova o o eteletse pele na? Kahoo, Barake a theoha thabeng ya Thabore, a setswe morao ke banna ba kete tse leshome.


O tla utlwa se bolelwang teng, mme matsoho a hao a tla tiiswa, hore o tle o theohele diahelong. Yaba o theohela teng ba ena le Pura, mohlanka wa hae, a ya moo ho feletseng balebedi ba hlometseng ba diahelo.


Molekane wa hae a araba, a re: Toro eo ha e bolele letho, haese sabole ya Gideone, mora Joase, monna wa Iseraele. Modimo o neetse Bamidiane le diahelo tsohle matsohong a hae.


A arola ba makgolo a mararo dihlopha tse tharo, a nea e mong le e mong terompeta letsohong la hae, le dinkgo tse feela tse nang le dirumula kahare ho tsona.


Gideone a re: Ha ho le jwalo, mohla Jehova a neelang Seba le Tsalmunna matsohong a ka, ke tla pola dinama tsa lona ka meutlwa ya nahathothe le ka bobatshi.


Ke bile ke mo kgethetse Jehova ke hona, mme efela e tla ba ya kgethetsweng Jehova ka ditshiu tsohle tseo a tla phela ka tsona. Ebile o kgumamela Jehova hona moo.


Jwale, banna ba qhobosheaneng ba re ho Jonathane le ho lehlahana la hae: Hlwellang ho rona, mme re tla le tsebisa taba. Ebile Jonathane o re ho lehlahana la hae: Hlwa o ntshale morao, hobane Jehova o ba neetse matsohong a Baiseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ