Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 7:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Jerubbaale, e leng Gideone, o tsoha e sa le hosasa, a ena le setjhaba sohle seo a nang le sona, mme ba emisa sedibeng sa Harode. Diahelo tsa Bamidiane tsona di ne di le ka nqa leboya ho Gideone, pela lerallana la More, lehwatateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Jerubaale, e leng Gideone, le setjhaba sohle sa hae, ba tsoha e sa le hoseng, ba hloma pela sediba sa Harode. Diahelo tsa Bamidiane di ne le ka leboya ho bona, ka kgohlong, pela leralla la More.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 7:1
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Abrame a haola naha ho ya fihla motseng wa Sikeme, difateng tsa eike tsa More; mme Bakanana ba ne ba le naheng eo mohlang oo.


Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a qhaneha esele ya hae, a nka bahlanka ba babedi le yena, le Isaaka, mora hae; mme a ratha patsi ya setjheso; yaba o tloha, a leba nqalong eo Modimo o mmoletseng yona.


O ba etse jwalokaha o entse Midiane, le Sisera, le Jabine, nokaneng ya Kishone,


Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Thaba tseo, ha ke re, di mose wane, ho Jordane, kamora tsela e lebileng nqa bophirimatsatsi, naheng ya Bakanana ba ahileng lehwatateng, mabapa le Gilgale, haufi le dieike tsa More?


Joshua a tsoha e sa le hosasa; ba tloha Shittime, ba tla Jordane, yena, le bana bohle ba Iseraele, mme ba robala teng ba eso ho tshele.


Joshua a boela a tsoha e sa le hosasa, mme baprista ba jara areka ya Jehova.


Tsatsing lona leo, Gideone a rewa lebitso la Jerubbaale (Baale a ke a tseke), ha thwe: Baale a ke a mo tsekise, ha a heleditse aletare ya hae.


Yaba Bamidiane kaofela le Baamaleke le bana ba Botjhabela ba phutheha, ba tshela Jordane, mme ba emisa lehwatateng la Jisreele.


Modimo wa etsa jwalo bosiung boo: letlalo la fumanwa le omile le nnotshi, phoka e letse kahohle fatshe.


Jerubbaale, mora Joase, a ya dula tlung ya hae.


Yaba Jehova o roma Jerubbaale, le Bedane, le Jafeta, le Samuele, a le namolela matsohong a dira tsa lona kahohle, la ba la aha ka kgotso.


Jwale Bafilesta ba kgobokanyetsa makgotla wohle a bona Afeke; Baiseraele bona ba emisa sedibeng se Jisreele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ