Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 6:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jehova a romela bana ba Iseraele monna wa moporofeta, a tla, a re ho bona: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke le nyolotse Egepeta, ka le ntsha tlung ya bohlanka;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Morena a romela moporofeta ho bana ba Iseraele. Moporofeta eo a re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke le nyolotse Egepeta; ke le ntshitse moo le neng le le makgoba teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 6:8
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a nna a omela Iseraele le Juda ka baporofeta ba hae bohle le ka diboni tsohle, a re: Bakang metsamaong ya lona e mebe, le boloke ditaelo tsa ka le ditemoso tsa ka, ka molao wohle oo ke o laetseng bontata lona, oo ke o rometseng ho lona ka bahlanka ba ka, baporofeta.


Leha ho le jwalo, a nna a tadima matshwenyeho a bona, a utlwa medumaelo ya bona;


Etlare ha mora hao a o botsa mehleng e tlang, a re: Taba ee e reng? o re ho yena: Jehova o re ntshitse ka letsoho le matla Egepeta, tlung ya bohlanka.


Moshe a re ho setjhaba: Elellwang letsatsi lena leo le tswileng ka lona Egepeta, tlung ya bohlanka, hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla; le se ke la ja se lomositsweng ka lona.


Eitse hobane bana ba Iseraele ba howeletse ho Jehova, ka baka la Bamidiane,


ka le namolela matsohong a Baegepeta, le matsohong a bohle ba neng ba le tshwenya; ka ba lelekisa pela lona, ka ba ka le nea lefatshe la bona;


A re ho bana ba Iseraele: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke ne ke nyolle Baiseraele Egepeta, ka ba ka le namolela matsohong a Baegepeta le matsohong a marena wohle a nnileng a le hlorisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ