Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, mme Jehova a hlahisetsa bana ba Iseraele monamoledi ya ba namolelang, e leng Othniele, mora Kenase, moena Kalebe.
Jehova a romela bana ba Iseraele monna wa moporofeta, a tla, a re ho bona: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke le nyolotse Egepeta, ka le ntsha tlung ya bohlanka;
Ba hoeletsa ho Jehova, ba re: Re sitilwe, hobane re lahlile Jehova, ra ya, ra sebeletsa boBaale le Diashtarothe; jwale, re namolele matsohong a dira tsa rona, re tle re o sebeletse.