Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 6:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ba ne ba tla ka mehlape ya bona le ditente tsa bona, ba tle ba le ka ka ditsie, ba se na ho balwa, bona le dikamele tsa bona; mme ba ne ba senya lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Bamidiane ba ne ba ye ba nyolohe le mehlape ya bona, le ditente tsa bona, ba tle jwaloka boiyane ba ditsie. Palo ya bona le ya dikamele tsa bona e ne e ke ke ya balwa, mme ba fihle naheng eo ba e falatse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 6:5
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baradi ba Jerusalema, ke motshwana, empa ke motle jwaloka ditente tsa Kedare, jwaloka dilepello tsa tente ya Salomone.


A ke ke a tsoswa le ka mohla o le mong, batho ba ke ke ba aha teng ho isa mefuteng le mefuta; Baarabe ba ke ke ba hloma ditente tsa bona teng, badisa ba ke ke ba etsa meraka teng.


O tla kwahelwa ke bongata ba dikamele le ba dipetsana tsa tsona tsa Midiane le tsa Efa; bohle ba Seba ba tla tla ba belesitse kgauta le dibano, mme ba tla tumisa dithoko tsa Jehova.


Ba tla rema moru wa hae, ho bolela Jehova, leha o teteane; hobane ba bangata ho fetisa ditsie, palo ya bona ha e balwe.


Ho ke ho hapjwe ditente tsa bona, le dinku tsa bona, ho ke ho uwe le dikobo tsa bona, le mesebetsi yohle ya bona, le dikamele tsa bona, ho howeletswe, ho thwe: Ho tshabeha ka nqa tsohle.


Dikamele tsa bona di tla hapuwa, mehlape e mengata ya bona e tlatlapuwe; mme ke tla ba hasanyetsa meyeng yohle, bona ba beolang hlafunelo, ke ba hlahisetse dikotsi ka nqa tsohle, ho bolela Jehova.


Ho ana Jehova wa makgotla ka ho phela ha hae, o re: E, ruri, ke sa tla o tlatsa ka batho ba kaale ba ditsie, mme ba tla o hlabela mokgosi.


Dijo tsa lefatshe la hao, le tsohle tsa ho sebetsa ha hao, di tla jewa ke setjhaba seo o sa se tsebeng; mme o tla hloriswa, o hatakelwe ka matsatsi wohle.


Bamidiane, le Baamaleke, le bana ba Botjhabela kaofela ba ne ba phatlaletse lehwatateng ba le ka ka ditsie, le dikamele tsa bona di se na palo, di le ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle.


Haele Seba le Tsalmunna, ba ne ba fihlile Karkore le makgotla a bona, e leng bohle ba setseng ba makgotla wohle a bana ba Botjhabela, e batlile ho ba batho ba dikete tse leshome le metso e mehlano, ho bolailwe ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a ba pshemolang sabole.


Jwale, Seba le Tsalmunna ba re ho yena: Ema wena, o re bolaye, hobane motho kamoo a leng kateng, matla a hae le wona a jwalo. Yaba Gideone o ema, a bolaya Seba le Tsalmunna, a nka le maphaketsana a rwesitsweng melaleng ya dikamele tsa bona.


Davida a ba qhala, e le ha bosiu bo esa, ho isa mantsiboya a la hosasane, mme ha ho a ka ha pholoha ho bona motho le a mong, haese makgolo a mane a bahlankana ba palamileng dikamele; bona ba baleha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ