Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 6:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Yaba Gideone o nka batho ba leshome ba bahlanka ba hae, a etsa kamoo Jehova a mmoleletseng kateng; mme kahobane a ne a tshaba ba ntlo ya ntatae, le batho ba motse, a etsa bosiu, e seng motshehare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Gideone a nka banna ba leshome ba bahlanka ba hae, a etsa kamoo Morena a mo laetseng kateng. Ka baka la ho tshaba ba lelapa labo, le banna ba motse, Gideone a phetha taelo ya Morena e le bosiu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 6:27
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho lehlohonolo ya fanang, ya adimanang; nyewe ya hae e tla emelwa kahlolong.


Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntshale morao.


Lona le tla ba metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona.


Mmae a re ho bahlanka: Etsang kahohle kamoo a tla le bolella kateng.


A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo; hobane ha ho motho ya ka etsang mehlolo eo o e etsang, ha Modimo o se ho yena.


ho senolela ka ho nna Mora wa wona, ke tle ke mmolele hara baditjhaba, ha ke a ka ka botsa nama, leha e le madi;


Mme jwale, lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le rutang tsona, hore le tle le etse ka tsona, le tle le phele, mme le kene, mme le rue lefatshe leo Jehova, Modimo wa bontata lona, a le neang lona.


Empa jwalokaha Modimo o re bone re le ba tshwanelwang ke ho abelwa tshebetso ya Evangeli, re bua jwalo, e seng hore re kgahlise batho, e le hore re mpe re kgahlise Modimo o lekolang dipelo tsa rona.


O hahele Jehova, Modimo wa hao, aletare hlorong ya seqhobo seno, ka mokgwa o tshwanelehang; o ntoo nka poho ya bobedi, o e etse setjheso ka sefate sa ashera eo o tla e rema.


Hosasane, ha batho ba motse ba tsoha ba bona aletare ya Baale e heleditswe, le ashera ya teng e remilwe, poho ya bobedi yona e entswe setjheso aletareng e hahilweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ