Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 6:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Bosiung bona boo, Jehova a re ho yena: Nka pohwana ya ntatao, le poho e nngwe e dilemo tse supileng, mme o heletse aletare ya Baale, e leng ya ntatao, mme o reme ashera e pela yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Hona bosiung boo, Morena a re ho Gideone: “Nka pohwana ya ntatao, e leng pohwana e dilemo tse supileng; o heletse aletare ya Baale, eo ntatao a e hahileng. O senye le ditshwantsho tsa Ashera, tse pela yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 6:25
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jakobo o re ho ba ntlo ya hae, le ho bohle ba neng ba na le yena: Lahlang medimo esele e hara lona; le itlhatswe, le apare diaparo disele.


Elia a atamela pela setjhaba sohle, a re: Le tla tenyetsehela ho le hokae ka nqa tse pedi? Ha Jehova e le Modimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng. Empa setjhaba ha se a ka sa mo araba letho.


Ha o ka kgutlela ho Ya matla wohle, o tla boela o tsoswe; feela, o leleke bokgopo tenteng ya hao.


Ke tla tsamaya ka tlung ya ka ka pelo e lokileng.


Le mpe le qhaqhe dialetare tsa bona, le robake ditshwantsho tsa bona, le tlose diashera tsa bona;


Ya ratang ntatae, leha e le mmae haholo ho nna, ha a ntshwanele; le ya ratang mora hae, leha e le moradi wa hae haholo ho nna, ha a ntshawanele;


Ha ho motho ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi: hobane kapa o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.


Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: A ho ahlole lona hore na ke taba e lokileng pela Modimo ho utlwa lona ho fetisa Modimo na?


Empa Petrose le baapostola ba bang ba araba, ba re: E ka kgona re utlwe Modimo ho ena le batho.


Empa seo le tshwanetseng ho ba etsa sona, ke sena: Le qhaqhe dialetare tsa bona, le bolaye ditshiya tsa bona, le reme diashera tsa bona, le tjhese ditshwantsho tsa bona tse betlilweng.


Bana ba Iseraele ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme ba sebeletsa boBaale.


Bana ba Iseraele ba etsa ho leng hobe pela Jehova, ba lebala Jehova, Modimo wa bona, ba sebeletsa boBaale le boAshtarothe.


O hahele Jehova, Modimo wa hao, aletare hlorong ya seqhobo seno, ka mokgwa o tshwanelehang; o ntoo nka poho ya bobedi, o e etse setjheso ka sefate sa ashera eo o tla e rema.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ