Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 6:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ebile Gideone o hahela Jehova aletare hona teng, a e rea lebitso la Jehova-Shalome (Jehova ke kgotso). E sa le teng Ofra wa Baabiesere ho fihlela kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Gideone a hahela Morena aletare moo, mme a e rea lebitso la “Morena ke kgotso”. Le kajeno-ya-bokajeno e ntse e le teng sebakeng se bitswang Ofera, seo e leng sa Baabiesere.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 6:24
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.


A tloha teng, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele, mme a hloma tente ya hae teng, Bethele a le ka bophirimela, Ai a le ka botjhabela; a hahela Jehova aletare teng, mme a rapela lebitso la Jehova.


Abrahama a rea nqalo eo lebitso la Jehova-Jire (Jehova o tla iponela); ke moo ho thweng kajeno: O tla iponela thabeng ya Jehova.


A haha aletare teng, a e rea El-Elohe-Iseraele (Modimo ke Modimo wa Iseraele).


Teng, Davida a hahela Jehova aletare, a mo etsetsa ditjheso le mahlabelo a teboho. Yaba Jehova o hauhela naha, mme lefu la tloha Iseraeleng.


Ka majwe ana, a haha aletare ka lebitso la Jehova, a tjheka moedi o potang aletare, o lekanang sebaka se ka jalwang ka peo e ditekanyo tse pedi.


Teng, Joshua, mora Jotsadake, le banababo e leng baprista, le Sorobabele, mora Salathiele, le banababo, ba ema, ba haha aletare ya Modimo wa Iseraele, ho hlabela mahlabelo a ditjheso ho yona, ka ho ya ka se ngodilweng molaong wa Moshe, monna wa Modimo.


Moshe a aha aletare, a e rea lebitso la Jehova-nissi (Jehova ke folaga ya ka).


Mehleng ya hae, Juda o tla pholoha, Iseraele a ikahele boiketlong, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.


Matsatsing ao Juda o tla pholoha, le Jerusalema a ikahele ka boiketlo, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.


Ha ho potwa motse kaofela, ke bolelele bo ditswe tse dikete tse leshome le nang le metso e robileng meno e le mmedi. Ho tloha tsatsing leo, lebitso la motse e tla ba le reng: Jehova Shamma (Jehova o teng mona).


Bara ba Gileade ke bana: ka Jesere ho hlahile ntlo ya Bajesere; ka Heleke ntlo ya Baheleke;


Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ha ba fihla lebopong la Jordane, moeding wa naha ya Kanana, teng ba haha aletare pela Jordane, aletare e kgolo, e bonahalang.


Ka hosasane, setjhaba sa tsoha e sa le ka meso; ba haha aletare teng, ba hlaba ditjheso le mahlabelo a teboho.


Jehova a re ho yena: Kgotso e be ho wena! O se ke wa tshaba; ha o ka ke wa shwa.


Gideone a etsa efoda ka tsona, a e bea Ofra, motseng wa habo; mme Baiseraele bohle ba itshela bootswa ka yona; ya eba leraba ho Gideone le ho bohle ba ntlo ya hae.


Gideone, mora Joase, a shwa, a se a tsofetse haholo, mme a patwa lebitleng la Joase ntatae, Ofra wa Baabiesere.


Saule a hahela Jehova aletare; ke yona aletare ya ho qala eo a e hahetseng Jehova.


O ne a kgutlela Rama, moo ntlo ya hae e neng e le teng. Le teng, a nna a ahlolela Iseraele, a ba a hahela Jehova aletare teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ