A re ho bona: Kgotso e be le lona! Se tshabeng; Modimo wa lona, e leng le Modimo wa ntata lona, ke wona o le neileng leruo mekotleng ya lona; tjhelete ya lona ya na ya fihla ho nna. A ba a ba tlisetsa Simeone.
Ke tla mamela se bolelwang ke Modimo Jehova; hobane o re, kgotso e be ho setjhaba sa wona, le ho bakgethwa ba hae, ba mpe ba se ke ba kgutlela bohlanyeng!
a re: Se tshabe, monna ya ratwang! Kgotso e be ho wena! Tiya pelo, tiya matla! A re a sa bua le nna, ka utlwa hobane ke filwe matla, ka re: Morena ka a ke a bue, etswe o mphile matla.
Ka mantsiboya a letsatsi leo, e leng le qalang veke, menyako ha e ne e kwetswe ya moo barutuwa ba neng ba phuthehile teng, ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a hlaha, a ema hara bona, a re ho bona: Kgotso e be le lona!
Eitse ha ditshiu tse robileng meno e le mmedi di fetile, barutuwa ba hae ba ne ba boetse ba le tlung, le Thomase a ena le bona. Yaba Jesu o a hlaha, menyako e ntse e kwetswe, a ema hara bona, a re: Kgotso e be le lona!
lona bohle bao le leng Roma, baratuwa ba Modimo, ba bitsitsweng, ba halalelang, ke re: A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.
Kahoo, Gideone a bona hobane ke lengeloi la Jehova. Gideone a re: Ho madimabe nna, Monghadi Jehova, hobane ke bone lengeloi la Jehova, re tadimane difahleho le lona!
Ebile Gideone o hahela Jehova aletare hona teng, a e rea lebitso la Jehova-Shalome (Jehova ke kgotso). E sa le teng Ofra wa Baabiesere ho fihlela kajeno.