Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 6:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bamidiane ba tshwenya Baiseraele haholo, bana ba Iseraele ba ba ba tshabela diqhobong tse dithabeng, le mahaheng, le diforong ke ho tshaba Bamidiane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Bamidiane ba imela bana ba Iseraele. Ka baka la ho tshaba Bamidiane, bana ba Iseraele ba ile ba ipata matsabeng, le mahaheng, le diqhobosheaneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 6:2
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ba ikgaheletse dikgutlong tse tshabehang, mahaheng le mafarung a lefatshe;


Lemena leo Ishmaele a lahletseng ho lona ditopo kaofela tsa batho bao a ba bolaileng hammoho le Gedalia, ke leo morena Asa a neng a le entse ka ho tshaba Baesha, morena wa Iseraele; ke lona lemena leo Ishmaele a kileng a le tlatsa ditopo.


Tlohelang metse ya lona, le ahe mafikeng, lona baahi ba Moabe, le be jwaloka maeba a ikgahelang molomong wa mahaha.


Ke tla le tjamela; le tla qhalwa ke dira tsa lona; le tla buswa ke ba le hloileng, mme le tla baleha, leha ho se motho ya le lelekisang.


kanthebo lefatshe le ne le sa tshwanele ho ba le batho ba jwalo — ba shotile mafeelleng, le dithabeng, le mahaheng, le mekoting ya lefatshe.


Marena a lefatshe, le ba baholo, le barui, le balaodi, le dinatla, le bohle ba ruilweng, le bohle ba sa ruwang, ba ipata mahaheng le mafikeng a dithaba,


Ka selemo seo ba tshwenya, ba hatakela bana ba Iseraele hampe; hape ba tshwenya bana ba Iseraele bohle ba leng mose wane wa Jordane, naheng ya Baamore, e leng Gileade, ka dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi.


Bana ba Ammone ba tshela Jordane ho ya lwantsha Juda, le Benjamine, le ntlo ya Efraime, mme Baiseraele ba tsieleha haholo ke hona.


Enere Baiseraele ha ba lemile, Bamidiane, le Baamaleke, le bana ba Botjhabela ba ne ba nyoloha ba futuhile.


Eitse Baiseraele ha ba bona tsietsi eo ba leng ho yona, kahobane setjhaba se tsietswe, ba ipata mahaheng, le merung, le mafikeng, le diqhobong, le mangopeng.


Eitse ha ba itlhahisa ba babedi ho ba qhobosheaneng ya Bafilesta, Bafilesta ba re: Bonang, Baheberu ke bane, ba tswa mekoting eo ba ipatileng ho yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ