Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 6:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Gideone a re ho yena: Oho, Monghadi, ke tla namolela Iseraele kang? Bona, ntlo ya heso ke e fumanehileng hara matlo a Manasse, mme nna ke e monyenyane ho ba ntlo ya ntate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Gideone a re ho Morena: “Oho, Morena ka, ke tla namolela Baiseraele ka eng? Bona, lelapa leso ke lona le fokolang haholo morabeng wa Manase, mme nna ke wa ho fejana lapeng leso.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 6:15
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ha ke a lekanwa ke mehau ya hao kaofela, le ke ditshepiso tsohle tsa hao tseo o tshepisitseng mohlanka wa hao ka tsona, kanthe ke ne ke tshele Jordane ena ke na le lere la ka feela, mme jwale ke fetohile matshwele a le mabedi.


Moshe a re ho Modimo: A nna ke mang, nka yang ho Faro, ka ntsha bana ba Iseraele Egepeta?


Yaba Moshe o re ho Jehova: Oho Morena, ha ke monna ya buang habonolo, leha e le maobane, leha e le maoba, esita le jwale, haesale o bua le mohlanka wa hao; ke motho ya molomo o boima, le ya leleme le boima.


Yaba ke re: Oho Morena Jehova, bona, ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngwana.


Ka baka leo, utlwang morero wa Jehova oo a o reretseng Babilona, le kgopolo ya hae eo a e hopoletseng lefatshe la Bakalde: Ruri, ba tla ba hulanya jwaloka dikonyana tse nyenyane. Ruri, o tla senya leaho la bona hammoho le bona!


Empa, haele wena, Bethlehema-Efrata, leha o balwa o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla ntswela eo e tla ba morena wa Iseraele, e leng yena ya leng teng esale tshimolohong, esale mehleng e sa qaleng.


Empa Maria a re ho lengeloi: Taba eo e tla etsahala jwang, athe ha ke tsebe monna?


hobane ke e monyenyane ho baapostola, mme ha ke a lokela ho bitswa moapostola, kahobane ke hlorisitse kereke ya Modimo.


Mohau oo o neilwe nna, ke leng e monyenyane ho bahalaledi bohle, wa hore ke bolele hara baditjhaba monono o sa fihlelweng wa Kreste,


Yaba lengeloi la Jehova le tla, la dula tlasa sefate sa terebinthe se Ofra, e leng sa Joase, Moabiesere, mme Gideone, mora hae, o ne a pola koro sehatelong, hore a tle a e patele Bamidiane.


Bahlanka ba Saule ba bolella Davida taba tseo. Davida a re: Hleka le lekanya eka ke taba e bonolo ho ba mokgwenyana wa morena, ke le motho ya fumanehileng, ya sa hlomphuweng na?


Saule a araba, a re: Ha ke re, ke Mobenjamine, wa leloko le lenyenyane ho meloko ya Iseraele, mme mothapo wa ka ke o monyenyane ho methapo yohle ya leloko la Benjamine na? O rialo jwang ho nna?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ