Ha ho le jwalo, ho tloha tsatsing lena, mafumahadi a Persia le Media a utlwileng ketso ya mofumahadi, a tla bua taba e le nngwe ho mahosana a morena, mme nyediso le kgalefo e ngata di tla ba teng.
Mma Sisera o nyarela ka fensetere se haheleditsweng ka dithupa, o howa, o re: Koloi ya hae e diehetseng ho hlaha? Maoto a makoloi a hae a tsamaelang butle?
a re: Ha ke re, ba hapile? Ha ke re, ba arolelana kgapo? Monna e mong le e mong o nka morwetsana e mong, kapa ba babedi. Kgapo ya masela a mebalabala ke ya Sisera, kgapo ya masela a mebalabala a lohilweng, masela a lohilweng a le mebalabala hohle, a ho kgabisa molala!