Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 5:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Mma Sisera o nyarela ka fensetere se haheleditsweng ka dithupa, o howa, o re: Koloi ya hae e diehetseng ho hlaha? Maoto a makoloi a hae a tsamaelang butle?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 “Mma Sisera a hlaha ka fesetere a qamaka, a howa a le kamora lesira, a re: ‘Kariki ya hae ya ntwa e diehile hakaakang? Diqi tsa dipere tsa hae ha di utlwahale keng?’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 5:28
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele Akasia, a wela ka lesoba la fensetere ya kamore ya hae e kahodimo, Samaria, a kula ke hona; yaba o roma manqosa, a re ho wona: Eyang, le botse Baale-Sebube, modimo wa Ekrone, le o botse hore na ke tla fola lefung lena na?


Ke ne ke eme sefensetereng sa ntlo ya ka, ka tadima ka dipaka tsa lehlafi la teng;


Moratuwa wa me o lekisa tshephe, leha e le namane ya kgama; ke yane, o eme kamora lehora la heso, o tadima ka sefensetere, o nyarela ka dipaka tsa dithupa tse haheleditseng.


Moratuwa wa me, baleha, o lekise tshephe, leha e le namane ya kgama, dithabeng tsa menkwane!


Empa haele lona, banabeso, le lebelle ka sebete, Morena a be a fihle. Bonang, molemi ha a ntse a lebeletse dijo tsa bohlokwa tsa lefatshe, o di lebella ka sebete, a be a fuwe pula ya tsheola le ya hwetla.


Jehova a qhala Sisera pela Barake, le makoloi a hae kaofela, le makgotla a hae kaofela ka bohale ba lerumo, mme Sisera a theoha koloing ya hae, a baleha ka maoto.


A inama maotong a hae, a wa, a rapalla. A inama maotong a hae, a wa. Moo a inamang, a wela teng a shwele.


Basadi ba hae ba bohlale ba mo arabela, le yena a ipolella,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ