Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 5:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Naledi tse mahodimong tsa lwana, tsa lwantsha Sisera, ha di tsamaya ka ditsela tsa tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Dinaledi tsa lwana di le hodimo, tsa lwantsha Sisera di le tseleng ya tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 5:20
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane teng, ntwa ya qhalana ka lefatshe lohle, mme tsatsing leo moru wa eja batho ba fetisang ba jelweng ke lerumo.


Jehova a ba qhalanya pela Baiseraele, a ba bolaela Gibeone haholo; Baiseraele ba ba phallela moepeng wa Bethe-Horone, ba ba timetsa ho ya fihla Aseke le Makkeda.


Ha ba ntse ba baleha pela Baiseraele, ba le motheong wa Bethe-Horone, Jehova a ba dihela majwe a matonana a tswang lehodimong ho ya fihla Aseke, ba eshwa ke wona, mme ba shweleng ke majwe ao a sefako ba eba bangata ho feta ba bolailweng ke marumo a bana ba Iseraele.


Joshua a rapela Jehova, mohla Jehova a neelang Baamore matsohong a bana ba Iseraele, a bua pontsheng ya bana ba Iseraele, a re: Letsatsi, ema hodima Gibeone, le wena kgwedi, sekgutlong sa Ajalone!


Jehova a qhala Sisera pela Barake, le makoloi a hae kaofela, le makgotla a hae kaofela ka bohale ba lerumo, mme Sisera a theoha koloing ya hae, a baleha ka maoto.


Molapo wa Kishone, molapo wa kgale, molapo wa Kishone o ba nkile! Oho, moya wa ka, hatakela dinatla ka maoto!


Eitse ha Samuele a ntse a etsa setjheso, Bafilesta ba atamela ho lohlanya ntwa le Baiseraele. Yaba Jehova o dumisetsa Bafilesta diaduma tse tshabehang tsatsing leo, a ba ferekanya, ba ba ba baleha pela Baiseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ