Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 5:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Marena a tla, a lwana; ha lwana marena a Kanana, pela Thaanake, metsing a Meggido, a mpa a se ke a hapa dintho, leha e le tjhelete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 “Dikgosi tsa fihla tsa lwana, dikgosi tsa Kanana tsa lwana di le Taanake, di le Taanake pela metsi a Megido, empa ha di a ka tsa hapa silefera.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 5:19
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Abrame a araba morena wa Sodoma, a re: Ke emisitse letsoho la ka ho Jehova, Modimo o hodimodimo, monga mahodimo le lefatshe,


Yaba Kaine o tloha pontsheng ya Jehova, a ya aha naheng ya Node ka nqa botjhabela ho Edene.


Ke Baana, mora Akilude, a beilwe Thaanake, le Megiddo, le naheng yohle ya Bethe-Sheane e haufi le Tsarthane, katlasa Jisreele, ho tswa Bethe-Sheane, ho isa Abele-Mehola, le ho feta Jokmeame.


Tshiung tsa hae, Faro-Neko, morena wa Egepeta, a futuhela morena wa Assiria, ho fihla nokeng ya Eufrate; le morena Josiase a ya mo kgahlanyetsa; empa Faro a mmolaela Megiddo, mohla ba teaneng.


Empa Josiase a hana ho mo kgeloha, a mpa a ikgakanya ho ya mo lwantsha; ha a ka a mamela mantswe a Neko, a neng a etswa molomong wa Modimo; mme a tla lwana lehwatateng la Megiddo.


o rekisitse lefeela ka setjhaba sa hao, ha o a ka wa thethesa theko ya sona.


e mong, ke morena wa Taanake; e mong, ke morena wa Megiddo;


Fatsheng la Issaskare le la Asere, Manasse a newa Bethe-Sheane le metse ya teng, le Jibleame le metse ya teng, le ba ahileng Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Ene-Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Thaanake le metseng ya teng, le ba ahileng Megiddo le metseng ya teng, le diqepho tse tharo.


Mme ya ba bokella thoteng e bitswang Harmagedone, ka Seheberu.


Yaba ke bona sebata, le marena a lefatshe, le makgotla a wona, a phuthehetse ho lwana le ya kaletseng pere le makgotla a hae.


Manasse yena ha a ka a leleka batho ba Bethe-Sheane le ba metse ya teng, leha e le ba Thaanake le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Dore le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Jibleame le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Meggido le ba metse ya teng; Bakanana ba mpa ba hanella naheng eo.


Yaba Sisera o bokella makoloi a hae kaofela, e leng makoloi a tshepe a makgolo a robileng mono o le mong, le setjhaba sa hae kaofela, ho tloha Haroshethe-Gojime, ho isa molapong wa Kishone.


a re: Ha ke re, ba hapile? Ha ke re, ba arolelana kgapo? Monna e mong le e mong o nka morwetsana e mong, kapa ba babedi. Kgapo ya masela a mebalabala ke ya Sisera, kgapo ya masela a mebalabala a lohilweng, masela a lohilweng a le mebalabala hohle, a ho kgabisa molala!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ