Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 5:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Sabulone le Nefthali ke tsona ditjhaba tse sa kang tsa re letho ka lefu, mohla ho lwanwang diphahameng tsa naha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Morabe wa Sebulone o ipeile kotsing ya lefu, le wa Nafthali o entse jwalo o le hodima dithaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 5:18
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba Jakobo ba ne ba le leshome le metso e mmedi. Bara ba Lea ke Rubene, mora wa Jakobo wa letsibolo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Issaskare, le Sabulone.


Bara ba Bilha, lekgabunyane le Ragele, ke Dane, le Nefthali.


Eya phutha Bajuda bohle ba leng teng Susane; le itime dijo bakeng sa ka; le se ke la ja, leha e le ho nwa ka tshiu tse tharo, bosiu le motshehare; le nna le barwetsana ba ka, re tla itima dijo jwalo, ke ntoo kena ho morena, leha molao o sa dumele; mme leha nka timela, ke mpe ke timele.


Moo, ke Benjamine e monyenyane, mmusi wa bona; ke mahosana a Juda le makgotla a hae; ke mahosana a Sabulone, le mahosana a Nefthali.


Empa ha ke re letho ka tsona, le bophelo ba kaha ke bo hlokomele, ke re, ke mpe ke qete leeto la ka ka thabo, le tshebetso eo ke e laetsweng ke Morena Jesu, e leng ho tiisa Evangeli ya mohau wa Modimo.


Moo re tsebileng lerato, ke ha Jesu a re teletse bophelo ba hae; le rona re tshwanetse ho tella banababo rona bophelo ba rona.


Ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe la bopaki ba bona; mme ha ba ka ba re letho ka bophelo ba bona, le ho isa lefung.


Barake a phuthela Sabulone le Nefthali, Kedeshe, ka mokgosi, mme a nyoloha a setswe morao ke banna ba kete tse leshome; le yena Debora a nyoloha le yena.


Debora a re ho Barake: Raoha, hobane ke lona letsatsi leo Jehova a tla neela Sisera matsohong a hao! Ha ka re, Jehova o o eteletse pele na? Kahoo, Barake a theoha thabeng ya Thabore, a setswe morao ke banna ba kete tse leshome.


Debora a romela ho bitsa Barake, mora Abinoame, wa Kedeshe-Nefthali, a re ho yena: Ha ke re, Jehova, Modimo wa Iseraele, o laetse taba ena? Eya, o hlwe thaba ya Thabore, o nke banna ba kete tse leshome ba bana ba Nefthali le ba bana ba Sabulone.


Hape, a romela manqosa ho Bamanasse bohle, le bona ba phuthehela ho yena ka mokgosi; a romela manqosa le ho Baasere, le ho Basabulone, le ho Banefthali; le bona ba nyoloha ho tla teana le bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ