Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 5:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Marenana a Issaskare a tla le Debora; Issaskare le yena Barake ba nehella sekgutlong ka mora hae. Melapong ya Rubene, dipelo di ne di ferekane haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Mahosana a Isakare a tsamaya le Debora, Isakare le yena a tsamaya le Barake, ya eba letlaburu retheng tsa hae ho leba kgohlong. Ba morabe wa Rubene ba ferekana, ba ipotsa hore na ba ka ya thusetsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 5:15
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba Jakobo ba ne ba le leshome le metso e mmedi. Bara ba Lea ke Rubene, mora wa Jakobo wa letsibolo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Issaskare, le Sabulone.


Ho bana ba Issaskare, ba neng ba ithutile ho kgetha dinako ho tseba seo Baiseraele ba tshwanetseng ho se etsa, ha tla mahosana a bona a makgolo a mabedi, hammoho le banababo wona kaofela ba leng taolong ya wona.


Motho wa sekgoba o re: Tau e teng kantle, nka bolawa mapatlelong.


Phapang ya hlaha ke hona, ba ba ba kgaohana. Barnabase a nka Mareka, a tshelela Sipera ka sekepe.


Haele rona, ra kena sekepeng, ra sesisetsa Asone, moo re neng re tshwanetse ho teana le Pauluse; hobane o ne a laetse jwalo, ka ho re, yena o tla tsamaya ka maoto.


Hobane ke le boulela ka poulelo ya Modimo, ke tswe ke le lebelleditse monna a le mong, ke tle ke le hlahise pela Kreste le le jwaloka morwetsana ya se nang sekodi.


Barake a phuthela Sabulone le Nefthali, Kedeshe, ka mokgosi, mme a nyoloha a setswe morao ke banna ba kete tse leshome; le yena Debora a nyoloha le yena.


Debora a re ho Barake: Raoha, hobane ke lona letsatsi leo Jehova a tla neela Sisera matsohong a hao! Ha ka re, Jehova o o eteletse pele na? Kahoo, Barake a theoha thabeng ya Thabore, a setswe morao ke banna ba kete tse leshome.


Debora a romela ho bitsa Barake, mora Abinoame, wa Kedeshe-Nefthali, a re ho yena: Ha ke re, Jehova, Modimo wa Iseraele, o laetse taba ena? Eya, o hlwe thaba ya Thabore, o nke banna ba kete tse leshome ba bana ba Nefthali le ba bana ba Sabulone.


Wa na wa dulelang metebong? Ana e ne e le ho utlwa dillo tsa mehlape? Melapong ya Rubene, dipelo di ne di ferekane haholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ