Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 4:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Debora a romela ho bitsa Barake, mora Abinoame, wa Kedeshe-Nefthali, a re ho yena: Ha ke re, Jehova, Modimo wa Iseraele, o laetse taba ena? Eya, o hlwe thaba ya Thabore, o nke banna ba kete tse leshome ba bana ba Nefthali le ba bana ba Sabulone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 A roma maqosa ho ya bitsa Barake, mora wa Abinoame, ya tswang Kedeshe e Nafthali, mme Debora a re ho yena: “Morena Modimo wa Iseraele, o o laetse, a re: ‘Tsamaya, o lebe thabeng ya Tabore, o ye le bana ba dikete tse leshome ba tswang hara bana ba Nafthali le hara bana ba Sebulone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 4:6
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsoha, Jehova! ka bohale ba hao o phahamele ho itshena ha bao e leng dira ho nna! Tsoha, o nkemele, o laele kahlolo!


O bopile leboya le borwa; Thabore le Hermone di rorisa lebitso la hao.


Matla a dutse letsohong la hao, seatla sa hao se tiile, letsoho le letona la hao le phahamile.


Ke a phela, ho bolela Morena eo Jehova wa makgotla e leng lebitso la hae, hore, jwalokaha Thabore a le hara dithaba, le jwalokaha Karmele a le pela lewatle, o ya tla.


Utlwang taba ena, lona baprista, le mamele, lona ba ntlo ya Iseraele, le lona ba ntlo ya morena, le sekehe tsebe, hobane ho ahlolwa lona; hobane le bile jwaloka sefi Mitspe, le jwaloka leraba le tjhehilweng hodima Thabore.


Hobane Morena o re laetse jwalo ka lentswe le reng: Ke o beile lesedi la ditjhaba, hore o be poloko ya tsona ho isa pheletsong tsa lefatshe.


Mme nka eketsa ka bolela dife? Athe nka fellwa ke sebaka sa ho bolela tsa Gideone, le tsa Barake, le tsa Samsone, le tsa Jafeta, le tsa Davida, le tsa Samuele, le tsa baporofeta.


Hleka ha ke a ka ka o laela, ka re, o iphe matla, o etse ka senna na? Se tshohe, mme o se ke wa tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, o na le wena kahohle moo o yang teng.


Moedi o ntoo fihla Thabore, le Shakatsima, le Bethe-Shemeshe; hape moedi wa bona o ya fella Jordane: ke metse e leshome le metso e tsheletseng le metsana ya yona.


Karolo ya botshelela ya laolelwa bana ba Nefthali, ke ho re, bana ba Nefthali ka matlo a bona.


Hape, metse e marako ke Tsiddime, Tsere, Hammathe, Rakkathe, le Kinnerethe;


Lelokong la Nefthali, Kedeshe wa Galelea le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Hammothe-Dore le meraka ya wona, le Karthane le meraka ya wona: metse e meraro.


Barake a phuthela Sabulone le Nefthali, Kedeshe, ka mokgosi, mme a nyoloha a setswe morao ke banna ba kete tse leshome; le yena Debora a nyoloha le yena.


Tsatsing leo, Debora le Barake, mora Abinoame, ba bina, ba re:


Hape, a romela manqosa ho Bamanasse bohle, le bona ba phuthehela ho yena ka mokgosi; a romela manqosa le ho Baasere, le ho Basabulone, le ho Banefthali; le bona ba nyoloha ho tla teana le bona.


A ntoo re ho Seba le Tsalmunna: Banna bao le ba bolaileng Thabore e ne e le ba jwang? Ba re: Ba ne ba tshwana le wena; e mong le e mong e ne e ka mora morena.


Ha o tloha teng o eya pele, o tla fihla eikeng ya Thabore; teng o tla kgahlanyetswa ke banna ba bararo, ba yang ho Modimo Bethele; e mong o isa potsanyane tse tharo, e mong o jere polokwe tse tharo tsa bohobe, e mong o jere lekuka la veine.


Yaba Jehova o roma Jerubbaale, le Bedane, le Jafeta, le Samuele, a le namolela matsohong a dira tsa lona kahohle, la ba la aha ka kgotso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ