Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 4:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 O ne a dula tlasa sefate sa palema sa Debora, mahareng a Rama le Bethele, thabeng ya Efraime. Bana ba Iseraele ba ne ba nyolohela ho yena ho ya ahlolelwa teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Debora o ne a ye a dule tlasa sefate sa hae sa palema, pakeng tsa Rama le Bethele, naheng e maralla ya Efraime. Bana ba Iseraele ba ne ba ye ba ye ho yena ho ya ahlolelwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 4:5
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Debora, mofepi wa Rebeka, a shwa, mme a patwa katlase ho Bethele, tlasa sefate sa eike, mme a se rea lebitso la Allone-Bakuthe (eike ya dillo).


Hosasane, Moshe a dula ho ahlolela sejhaba; setjhaba sa ema pela Moshe ho qala hosasa, ho isa mantsiboya.


Mohla ba nang le nyewe, ba ye ba tle ho nna, mme ke ye ke ahlolele e mong le e mong, ke ba tsebise ditaelo tsa Modimo le melao ya wona.


Mamela jwale lentswe la ka, ke o eletse, mme Modimo o be le wena! A e be wena ya emang pela Modimo bakeng sa setjhaba, e be wena ya isang ditaba ho Modimo.


Ba nna ba ahlolela setjhaba kamehla; dinyewe tse thata ba di tlisa ho Moshe, empa dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlola e le bona.


Ho itswe ke Jehova: Mohoo o utlwahetse Rama, wa pokollo, wa dillo tse bohlokohloko: ke Ragele ya llelang bana ba hae, ya hanang ho tshediswa bakeng sa bana ba hae, hobane ha ba sa le yo.


o ntoo tloha Bethele, o lebe Luse, ho ya kena moeding wa Baarke, Atharothe.


Mohlang oo, Debora, moporofeta wa mosadi, mohatsa Lappidothe, o ne a ahlola Iseraele.


Monna e mong o ne a le teng wa Ramathaime-Tsofime, wa thaba ya Efraime, lebitso la hae e le Elkana, mora Jerohame, mora Elihu, mora Thohu, mora Tsufe, Moefrathe.


Ba tsoha e sa le hosasa, ba kgumamela Jehova, mme ba kgutla, ba boela hae ha habo, Rama. Teng Elkana a tseba Anna mosadi wa hae, mme Jehova a mo hopola.


Saule a utlwa hobane Davida o utlwahetse le banna bao a nang le bona; ke ha Saule a le Gibea, tlasa sefate sa tamariske, leralleng, a tshwere lerumo la hae, bahlanka bohle ba hae ba eme pela hae.


Mohlang oo, Samuele a shwa, mme Baiseraele bohle ba phutheha, ba mo llela, mme ba mo epela ha hae Rama. Mme Davida a tloha, a theohela feelleng la Parane.


O ne a kgutlela Rama, moo ntlo ya hae e neng e le teng. Le teng, a nna a ahlolela Iseraele, a ba a hahela Jehova aletare teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ