Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 4:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Tsatsing leo, Modimo wa kokobetsa Jabine, morena wa Kanana, pela bana ba Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Ka lona letsatsi leo Modimo a kokobetsa Jabine, kgosi ya Kanana, kapele ho bana ba Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 4:23
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na Jehova, Modimo wa lona, ha a na le lona na? Hape, na ha a ka a le fa phomolo ka nqa tsohle na? Hobane o fela a neile baahi ba lefatshe matsohong a ka, mme lefatshe le kokobeditswe pela Jehova le pela setjhaba sa hae.


Bana ba bona ba fela ba kena, ba rua lefatshe; wa kokobetsa pela bona ba neng ba ahile lefatsheng leo, e leng Bakanana, mme wa ba neela matsohong a bona hammoho le marena a bona le ditjhaba tsa lefatshe, hore ba etse ka tsona kamoo ba ratang kateng.


O ntlamile ka matla ke tle ke lwane, wa nkokobeletsa ba ntsohetseng matla.


Modimo wa poloko ya ka o ke o hodiswe, Modimo o mpheteletsang, o nkokobeletsang ditjhaba,


O beile ditjhaba katlasa rona, le merabe katlasa maoto a rona;


Nka be ke phakisa ho kokobetsa dira tsa bona, nka be ke fetolela letsoho la ka ho bahanyetsi ba bona.


Mme etlare ha tsohle di beilwe katlasa hae, ke hona Mora le yena a tla bewa katlasa ya beileng tsohle katlasa hae, hore Modimo e tle e be tsohle ho bohle.


Bao bohle ka tumelo ba hlotse marena, ba sebeditse ho loka, ba ruile dipallo, ba thibile melomo ya ditau;


Ke ha ho fihla Barake, a phalletse Sisera; Jaele a tswela ho mo kgahlanyetsa, a re ho yena: Tloo, ke o bontshe motho eo o mmatlang. Barake a kena ha hae, mme a bona Sisera a rapaletse, a shwele, sethakgisa se le hlafunelong ya hae.


Mme bana ba Iseraele ba nna ba lwantsha Jabine, morena wa Kanana, ba ba ba timetsa Jabine, morena wa Kanana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ