Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 4:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Debora a re ho Barake: Raoha, hobane ke lona letsatsi leo Jehova a tla neela Sisera matsohong a hao! Ha ka re, Jehova o o eteletse pele na? Kahoo, Barake a theoha thabeng ya Thabore, a setswe morao ke banna ba kete tse leshome.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Debora a re ho Barake: “Tsamaya! Lena ke letsatsi leo ka lona Morena a neelanang ka Sisera matsohong a hao. Ha ke re Morena o se a o eteletse pele?” Barake a theoha thabeng ya Tabore, a ena le banna ba dikete tse leshome.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 4:14
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Lota o tswa ho ya tsebisa bakgwenyana ba hae, ba neng ba tla nyala baradi ba hae, mme a re: Tsohang, le tswe nqalong ena, hobane Jehova o ya timeletsa motse! Empa ho bakgwenyana ba hae ha eba jwaloka hojane o a swaswa.


Eitse hobane ba tswe motseng, ba eso ho be hole, Josefa a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Raoha, a phallele batho bao, mme moo o ba fihlelang, o re ho bona: Ke ka baka lang ha le lefeletse botle ka bobe?


Etlere ha o utlwa modumo wa diqi dintlheng tsa difate tsa monokotswai, o ke o ba nehelle; hobane etlaba Jehova o se a o eteletse pele, ho ya qhala makgotla a Bafilesta.


Hobane le ke ke la tloha ka potlako, le ke ke la tsamaya jwaloka hoja le baleha, hobane Jehova o tla le etella pele, Modimo wa Iseraele o le sireletse kamorao.


Mophunyatsela o tla tsamaya kapele ho bona, ba tla phunya, ba tlole ka monyako ba be ba tswe ka wona; morena wa bona o tla ba etella pele, Jehova e be yena sehlooho sa bona.


Tseba kajeno hobane Jehova, Modimo wa hao, o ya o etella pele, a le jwaloka mollo o timeletsang; o tla ba fedisa, a ba kokobetse pela hao; mme o tla ba falatsa, o ba fedise kapele, jwalokaha Jehova a o boleletse.


Jehova a re ho Joshua: O se ke wa ba tshaba, etswe ke tla ba neela matsohong a hao; ha ho le a mong ho bona ya tla ema pela hao.


Ema, o hlwekise setjhaba, o re: Le itlhwekisetse hosasane, hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Anathema e teng ho wena, Iseraele; o ke ke wa ema pela dira tsa hao, anathema e eso ho tloswe hara lona.


A re ho yena: Tsoha, re tsamaye. Empa ha a ka a araba. Yaba monna eo o mmelesa eseleng, a tsamaya, a ba a fihla hae.


Barake a phuthela Sabulone le Nefthali, Kedeshe, ka mokgosi, mme a nyoloha a setswe morao ke banna ba kete tse leshome; le yena Debora a nyoloha le yena.


Bosiung bona boo, Jehova a re ho yena: Ema, o theohele diahelong, etswe ke di neetse matsohong a hao.


Ha ba tsoha e sa le ka meso, Samuele a biletsa Saule hodima ntlo, a re: Tsoha, ke o fe tsela. Saule a tsoha, mme ba tswela ntle ba ena le Samuele, e le bona ba babedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ