Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 4:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Sisera a tsebiswa, ha thwe: Barake, mora Abinoame, o hlwele thaba ya Thabore.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Ba tsebisa Sisera hore Barake, mora wa Abinoame, o nyolohetse thabeng ya Tabore.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 4:12
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O bopile leboya le borwa; Thabore le Hermone di rorisa lebitso la hao.


Matla a dutse letsohong la hao, seatla sa hao se tiile, letsoho le letona la hao le phahamile.


Ke a phela, ho bolela Morena eo Jehova wa makgotla e leng lebitso la hae, hore, jwalokaha Thabore a le hara dithaba, le jwalokaha Karmele a le pela lewatle, o ya tla.


Utlwang taba ena, lona baprista, le mamele, lona ba ntlo ya Iseraele, le lona ba ntlo ya morena, le sekehe tsebe, hobane ho ahlolwa lona; hobane le bile jwaloka sefi Mitspe, le jwaloka leraba le tjhehilweng hodima Thabore.


Ha o tloha Saride, o pota ka nqa botjhabatsatsi naheng ya Kislothe-Thabore, o ntoo fetela Dabrathe, o nyolosetsa Jafia;


Moedi o ntoo fihla Thabore, le Shakatsima, le Bethe-Shemeshe; hape moedi wa bona o ya fella Jordane: ke metse e leshome le metso e tsheletseng le metsana ya yona.


Moedi o boela o leba nqa bophirimela ho isa Asnothe-Thabore; o tloha teng ho ya fihla Hukkoke, o ya le Sabulone nqa borwa, mme o ya le Asere nqa bophirimela, le Juda, le Jordane nqa botjhabatsatsi.


Haele Hebere, Mokene, o ne a kgaohane le Bakene ba bang, bana ba Hobabe, mohwehadi wa Moshe, mme o ne a ile, a hlomile tente ya hae pela sefate sa eike se Tsaannaime, haufi le Kedeshe.


Yaba Sisera o bokella makoloi a hae kaofela, e leng makoloi a tshepe a makgolo a robileng mono o le mong, le setjhaba sa hae kaofela, ho tloha Haroshethe-Gojime, ho isa molapong wa Kishone.


Debora a romela ho bitsa Barake, mora Abinoame, wa Kedeshe-Nefthali, a re ho yena: Ha ke re, Jehova, Modimo wa Iseraele, o laetse taba ena? Eya, o hlwe thaba ya Thabore, o nke banna ba kete tse leshome ba bana ba Nefthali le ba bana ba Sabulone.


A ntoo re ho Seba le Tsalmunna: Banna bao le ba bolaileng Thabore e ne e le ba jwang? Ba re: Ba ne ba tshwana le wena; e mong le e mong e ne e ka mora morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ