Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 4:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Haele Hebere, Mokene, o ne a kgaohane le Bakene ba bang, bana ba Hobabe, mohwehadi wa Moshe, mme o ne a ile, a hlomile tente ya hae pela sefate sa eike se Tsaannaime, haufi le Kedeshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Jwale Hebere wa Mokene o ne a ikarohantse ho Bakene, e leng ditloholo tsa Hobabe, mohwe wa Moshe, a hlomme tente ya hae tlasa sefate sa eike se Saananime, e pela Kedeshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 4:11
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jethro, moprista wa Midiane, mohwehadi wa Moshe, a utlwa tsohle tseo Modimo o di etseditseng Moshe le Iseraele, setjhaba sa wona, le hoba Jehova o ntshitse Iseraele Egepeta.


Yare ha ba boetse ho Reuele, ntata bona, a re: Le kgutlile kapele hakakang kajeno!


Moshe a nna a alosa manku a Jethro mohwehadi wa hae, moprista wa Midiane; mme a isa mohlape kapele ho lefeella, a fihla thabeng ya Modimo, Horebe.


Moshe a re ho Hobabe mora Reuele, Momidiane, mohwehadi wa Moshe: Re a tloha, re ya sebakeng seo Jehova a itseng: Ke tla le nea sona. Tloo le rona; re tla o etsa hantle; hobane Jehova o itse o tla etsa Iseraele hantle.


Ha o etla le rona, molemo ofe le ofe oo Jehova a tla re etsetsa wona, le rona re tla o etsetsa wona.


Balaame a bona le Bakene, a porofeta, a re: Moaho wa hao o thata, mme sehlaha sa hao o se beile lefikeng.


Moedi wa bona o tloha Helefe, eikeng e pela Tsaanannime, le Adami-Nekebe, le Jabneele, ho isa Lakkume, o ntoo fella Jordane.


Haele bana ba Mokene, mohwehadi wa Moshe, ba ne ba tlohile motseng wa Dipalema, ba nyolohetse le bana ba Juda feelleng la Juda, le leng ka nqa borwa ho Arade; mme ba tla, ba aha le batho ba teng.


Sisera a tsebiswa, ha thwe: Barake, mora Abinoame, o hlwele thaba ya Thabore.


Debora a romela ho bitsa Barake, mora Abinoame, wa Kedeshe-Nefthali, a re ho yena: Ha ke re, Jehova, Modimo wa Iseraele, o laetse taba ena? Eya, o hlwe thaba ya Thabore, o nke banna ba kete tse leshome ba bana ba Nefthali le ba bana ba Sabulone.


Saule a re ho Bakene: Tsamayang, le tlohe, le tswe hara Baamaleke, esere mohlomong ka le timetsa hammoho le bona, athe le ne le etse bana bohle ba Iseraele ka mohau, mohla ba tswang Egepeta. Kahoo, Bakene ba tloha ho Baamaleke.


Akishe a botsa, a re: Le be le futuhetse kae kajeno? Davida a re: Re tswa futihela nqa borwa ho Juda, le nqa borwa ho Bajerahemeele, le nqa borwa ho Bakene.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ