Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Yaba kgalefo ya Jehova e tukela Baiseraele, mme a ba rekisetsa matsohong a Kushane-Risheathaime, morena wa Mesopotamia, mme bana ba Iseraele ba ruwa ke Kushane-Risheathaime ka dilemo tse robileng meno e le mmedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele, mme a neelana ka bona matsohong a Kushane-Rashataime, kgosi ya Arame-Naharaime, mme bana ba Iseraele ba sebeletsa Kushane-Rashataime ka dilemo tse robedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 3:8
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba mohlanka o nka dikamele tse leshome ho dikamele tsa mong a hae, a tsamaya; etswe dintho tsohle tsa mong a hae di ne di le diatleng tsa hae; a tloha, a ya Mesopotamia, motseng wa Nakore.


a ba neela matsohong a ditjhaba; ba ba hloileng ba ba busa;


o rekisitse lefeela ka setjhaba sa hao, ha o a ka wa thethesa theko ya sona.


Jehova, o se ke wa ntaya bohaleng ba hao, o se ke wa nkotla kgalefong ya hao!


O kgutsisitse bohale bohle ba hao, o timile mollo wa kgalefo ya hao.


bohale ba ka bo tla tuka, mme ke tla le bolaya ka lerumo, basadi ba lona e be bahlolohadi, le bana ba lona e be dikgutsana.


Ho thwe ke Jehova: Lengolo la mma lona la hlalo le kae leo ke mo kgutlisitseng ka lona? Kapa ke rekile ka lona ho mang wa bao ke namileng ho bona na? Bonang, ho rekilwe ka lona ka baka la dibe tsa lona, mma lona o hladilwe ka baka la ditlolo tsa lona.


Ke tla le tjamela; le tla qhalwa ke dira tsa lona; le tla buswa ke ba le hloileng, mme le tla baleha, leha ho se motho ya le lelekisang.


Ke bone ditente tsa Ethiopia di imelwa ke tlokotsi, ho thothomela le masela a ditente tsa lefatshe la Midiane.


Hobane re a tseba hore molao ke wa moya, empa nna ke wa nama, ke reketswe hore ke be mohlanka wa sebe.


Jehova o tla hana ho mo tshwarela; empa kgalefo ya Jehova le poulelo ya hae di tla tukela motho eo; dithohako tsohle tse ngodilweng bukeng ena di tla mo wela hodimo; mme Jehova o tla hlakola lebitso la hae tlasa lehodimo.


Motho a le mong o ne a tla phallela ba sekete jwang, mme ba babedi ba ne ba tla lelekisa ba dikete tse leshome jwang, hojane Lefika la bona le sa ka la rekisa ka bona, le hojane Jehova a sa ka a ba lahla?


Kgalefo ya Jehova ya tukela Baiseraele, mme a ba neela matsohong a disenyi tse ba senyang, mme a ba rekisetsa matsohong a dira tsa bona tse ba teetseng hare, ba ba ba sitwa ho tiya pela dira tsa bona.


Ke ha kgalefo ya Jehova e tla tukela Baiseraele, a re: Haele moo setjhaba sena se sentse selekane seo ke se laetseng bontata bona, mme se sa ka sa mamela lentswe la ka,


Moya wa Jehova wa eba ho yena; a ahlolela Iseraele, a lwana; mme Jehova a neela Kushane-Risheathaime, morena wa Mesopotamia, matsohong a hae. Letsoho la hae la hlola Kushane-Risheathaime.


Bana ba Iseraele ba etsa ho leng hobe pela Jehova, ba lebala Jehova, Modimo wa bona, ba sebeletsa boBaale le boAshtarothe.


Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, mme Jehova a hlahisetsa bana ba Iseraele monamoledi ya ba namolelang, e leng Othniele, mora Kenase, moena Kalebe.


Debora a re: Ho ya, ke tla ya le wena, empa o ke ke wa bona thoriso tseleng eo o tsamayang ho yona, hobane Jehova o tla neela Sisera matsohong a mosadi. Yaba Debora o a tloha, a ya Kedeshe ba ena le Barake.


Baiseraele ba mpa ba lebala Jehova, Modimo wa bona, mme a ba neela matsohong a Sisera, molaodi wa makgotla a Hatsore, le matsohong a Bafilesta, le matsohong a morena wa Moabe, ba lwantshwa ke bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ