Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 3:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 A re ho bona: Ntateleng, etswe Jehova a neetse Bamoabe, dira tsa lona, matsohong a lona. Ba theoha, ba mo sala morao, mme ba tshwara madiboho a Jordane mabapa le Moabe, ba se ke ba dumella motho ho tshela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Yaba o re ho bona: “Ntateleng, hobane Morena o neelane ka dira tsa lona, e leng Bamoabe, matsohong a lona.” Ba theoha ba mo latetse, ba hapa madiboho a Jorodane ao Bamoabe ba tshelang ho wona, mme ba se ke ba dumella le ya mong ho tshela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 3:28
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le morena wa Iseraele a tswa hae, a qhala bapalami le ba makoloing, a bolaya Basiria ba bangatangata.


Banna ba motse ba ba phallela ka tsela ya Jordane, ho ya fihla madibohong; mme ha kwalwa monyako wa motse, ha ba ba phalletseng ba tswile.


Jehova a re ho bana ba Iseraele: Ha ke re, ke se nkile ka le namolela matsohong a Baegepeta, le a Baamore, le a bana ba Ammone, le a Bafilesta na?


Bagileade ba raka Baefraime, ba tshwara madiboho a Jordane: mme enere ha e mong wa Baefraime ba balehang a re: Ntloheleng ke tshele, banna ba Gileade ba ne ba re: Na o Moefraime na? Eo o ne a re: Tjhe!


Mohlang oo, ba bolaya Bamoabe ba batlileng ho ba dikete tse leshome, e bileng bohle bahale le dinatla, ho se ke ha phonyoha le a mong.


Barake a phuthela Sabulone le Nefthali, Kedeshe, ka mokgosi, mme a nyoloha a setswe morao ke banna ba kete tse leshome; le yena Debora a nyoloha le yena.


Molekane wa hae a araba, a re: Toro eo ha e bolele letho, haese sabole ya Gideone, mora Joase, monna wa Iseraele. Modimo o neetse Bamidiane le diahelo tsohle matsohong a hae.


Eitse hobane Gideone a utlwe taba tsa toro le hlalosetso ya yona, a inama, a ntoo kgutlela diahelong tsa Baiseraele, a re: Emang, hobane Jehova o neetse diahelo tsa Bamidiane matsohong a lona.


Yaba o re ho bona: Ntadimeng, le etse jwaloka nna. Bonang, etlere ha ke fihla pheletsong ya diahelo, le tle le etse jwalokaha le nna ke tla etsa.


Gideone a romela manqosa le ho bohle ba thabeng ya Efraime, a re: Theohang ho ya lwantsha Bamidiane, le tshware madiboho pele, ho ya fihla Bethe-Bara, e le madiboho a Jordane. Kahoo, banna bohle ba Iseraele ba phutheha, mme ba tshwara madiboho, ho ya fihla Bethe-Bara, e le madiboho a Jordane.


Bosiung bona boo, Jehova a re ho yena: Ema, o theohele diahelong, etswe ke di neetse matsohong a hao.


Le bongata bona bohle bo tla tseba hobane Jehova ha a namolele ka sabole leha e le ka lerumo, hobane tlholo ke ya Jehova, mme o tla le neela matsohong a rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ