Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 3:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Eitse ha a fihlile teng, a letsa terompeta thabeng ya Efraime, mme bana ba Iseraele ba theoha le yena thabeng, a ba eteletse pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Ha a fihla naheng e maralla ya Efraime a letsa lenaka. Bana ba Iseraele ba tloha naheng e maralla, ba theoha, yena a ba eteletse pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 3:27
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, mosadi a ya ka bohlale boo ba hae ho setjhaba sohle; ba ba ba kgaola Sheba, mora Bikri, hlooho, ba e akgella Joabe. A letsa terompeta, mme banna ba hae ba tloha pela motse, e mong le e mong a ipoella hae tenteng ya hae, Joabe yena a kgutlela ho morena Jerusalema.


Yaba ba phakisa ba nka e mong le e mong kobo ya hae, ba di bea tlasa hae methating; ba letsa diterompeta, ba re: Jehu ke morena.


Ka tadima, ka ema, ka re ho baholo le ho mahosana le ho ba bang ba setjhaba: Le se ke la ba tshaba; le mpe le hopole Morena e moholo ya tshabehang, mme le lwanele banababo lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le basadi ba lona, le matlo a lona.


Joshua a re ho bona: Ha le le batho ba bangata, eyang morung, le ikgathele teng fatsheng la Baferese le la Barefaime, ha thaba ya Efraime e sa le lekane.


leha e le moru le tla ikgathela teng, le phello ya wona e tla ba ya lona; hobane le tla leleka Bakanana, leha ba ena le makoloi a tshepe, hape ba le matla.


Kamora Abimeleke, ha hlaha Thola, mora Pua, mora Dodo, monna wa Issaskare, ho namolela Iseraele; o ne a ahile Shamire, thabeng ya Efraime.


Monna e mong o ne a le teng thabeng ya Efraime, bitso la hae e le Mika.


Mohlang oo, ho ne ho se morena Iseraeleng. Ka mohlomong, monna wa Molevi ya neng a aheletse letswapong la thaba ya Efraime, a inkela mosadi wa serethe Bethlehema-Juda.


Ehude a mpa a baleha, ha ba ntse ba dikadika, a feta merafo, a balehela Seira.


Ba bang ba eba Baefraime ba medileng metso thabeng ya Amaleke; kamora hao ho ne ho tsamaya Benjamine hara batho ba hao; ha theoha le batsamaisi ba Makire, le ba Sabulone ba tshwereng lere la balaodi.


Gideone a apeswa moya wa Jehova, a ba a letsa terompeta, mme Baabiesere ba memelwa ho yena ka mokgosi.


Gideone a romela manqosa le ho bohle ba thabeng ya Efraime, a re: Theohang ho ya lwantsha Bamidiane, le tshware madiboho pele, ho ya fihla Bethe-Bara, e le madiboho a Jordane. Kahoo, banna bohle ba Iseraele ba phutheha, mme ba tshwara madiboho, ho ya fihla Bethe-Bara, e le madiboho a Jordane.


Jonathane a qhala ba qhobosheaneng ya Bafilesta, e leng Gibea, mme Bafilesta ba utlwa. Ebile Saule o letsa terompeta naheng yohle, a re: Baheberu ba utlwe!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ