Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 3:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a mane; mme Othniele, mora Kenase, a timela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane. Yaba Oteniele, mora wa Kenase, o a shwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 3:11
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba Kenase ke Othniele le Seraia; mora wa Othniele ke Hathathe.


Enere ha ba kgatholohile, ba ne ba boela ba qala ho etsa hampe pela mahlo a hao; o ne o boela o ba neela matsohong a dira tsa bona, di ba buse; ebe ba boela ba howeletsa ho wena; wena, wa ba utlwa o le mahodimong; mme mehauhelong ya hao o ba pholositse hangata.


ka ho re, ke ka matsatsi ao Bajuda ba boneng phomolo ho dira tsa bona, hape ke ka kgwedi eo maswabi a bona a fetohileng thabo, le bofifi ba bona bo fetohileng mokete; ha thwe, ba a etse matsatsi a mokete le a thabo ao ho romelanwang dimpho, ao hape ho phomosetswang mafutsana ka wona.


Joshua a hapa lefatshe lohle jwalo, a etsa ka tsohle tseo Jehova a neng a di boleletse Moshe, mme Joshua a le nea Iseraele hore ba le rue, ka methapo ya bona le ka meloko ya bona; mme lefatshe la phomola, ntwa e le siyo.


Ebile Othniele, mora Kenase, ngwanabo Kalebe, o a o kena; mme a mo nea Aksa, moradi wa hae, ya eba mosadi wa hae.


Moya wa Jehova wa eba ho yena; a ahlolela Iseraele, a lwana; mme Jehova a neela Kushane-Risheathaime, morena wa Mesopotamia, matsohong a hae. Letsoho la hae la hlola Kushane-Risheathaime.


Yaba bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme Jehova a tsosa Eglone, morena wa Moabe, hore a lwantshe Baiseraele, kahobane ba entse ho leng hobe pela Jehova.


Tsatsing leo Bamoabe ba kokobetswa ke Baiseraele, mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi.


Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, mme Jehova a hlahisetsa bana ba Iseraele monamoledi ya ba namolelang, e leng Othniele, mora Kenase, moena Kalebe.


Oho Jehova! dira tsohle tsa hao ha di ke di timele jwalo! Haele ba o ratang, ba tla tshwana le letsatsi ha le tjhaba matleng a lona. Yaba lefatshe le phomola ka dilemo tse mashome a mane.


Bamidiane ba kokobetswa jwalo pela bana ba Iseraele; mme ha ba ka ba hlola ba emisa dihlooho tsa bona. Mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a mane mehleng ya Gideone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ