Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 21:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ka hosasane, setjhaba sa tsoha e sa le ka meso; ba haha aletare teng, ba hlaba ditjheso le mahlabelo a teboho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Ka le hlahlamang setjhaba sa tsoha e sa le ka madungwadungwana, sa haha aletare, sa nyehela ka dinyehelo tsa setjheso, le ka dinyehelo tsa teboho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 21:4
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsatsing lona leo, Gade a tla ho Davida, a re ho yena: Eya, o hahele Jehova aletare seotlong sa Arauna Mojebuse.


Teng, Davida a hahela Jehova aletare, a mo etsetsa ditjheso le mahlabelo a teboho. Yaba Jehova o hauhela naha, mme lefu la tloha Iseraeleng.


Tsatsing lona leo, morena a kgetha sebaka se hara lebala le pela ntlo ya Jehova, hobane ke moo a kileng a hlahisa mahlabelo a ditjheso, le dinyehelo, le mafura a mahlabelo a teboho; hobane aletare ya koporo, e pela Jehova, e ne e le nyenyane, e sa lekane ditjheso le dinyehelo le mafura a mahlabelo a teboho.


Ke tla tloha, ke kgutlele nqalong ya ka, ke dule teng, ba tle ba be ba ikutlwe dibe tsa bona, ba batle sefahleho sa ka. Tlokotsing ya bona, ba tla tsohela ho tla ho nna.


Le mpe le batle bodulo ba hae nqalong eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha hara meloko ya lona yohle ho bea lebitso la hae teng, mme o ye teng.


Re na le aletare eo ba sebeletsang tabernakeleng ba se nang tokelo ya ho jela ho yona.


Yaba bana bohle ba Iseraele le setjhaba sohle ba nyoloha, ba ya Bethele, ba lla ba ntse ba eme hona teng pela Jehova; ba itima dijo ka tsatsi leo, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba hlaba ditjheso le mahlabelo a teboho pela Jehova.


Ba re: Oho Jehova, Modimo wa Iseraele, taba eo e hlahile jwang, ha kajeno leloko le leng le hlokahetse Iseraeleng?


Ebile Gideone o hahela Jehova aletare hona teng, a e rea lebitso la Jehova-Shalome (Jehova ke kgotso). E sa le teng Ofra wa Baabiesere ho fihlela kajeno.


O hahele Jehova, Modimo wa hao, aletare hlorong ya seqhobo seno, ka mokgwa o tshwanelehang; o ntoo nka poho ya bobedi, o e etse setjheso ka sefate sa ashera eo o tla e rema.


O ne a kgutlela Rama, moo ntlo ya hae e neng e le teng. Le teng, a nna a ahlolela Iseraele, a ba a hahela Jehova aletare teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ