Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 21:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Mohlang oo, ho ne ho se morena Iseraeleng; e mong le e mong o ne a etsa kamoo a ratang kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Mehleng eo ho ne ho se na kgosi naheng ya Iseraele, motho ka mong o ne a iketsetsa seo yena a reng se nepahetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 21:25
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

e leng bona ba reng: Re tla qhala ka maleme a rona; melomo ke ya rona; ya ka re busang ke mang?


Mohlomong, ho motho, tsela e nngwe e bonahala e ntse eka e lokile, athe bofello ba yona bo isa lefung.


O tshepe Jehova ka pelo ya hao yohle, o se ke wa itshepa hlalefo ya hao.


Mohlankana, thabela botjha ba hao, mme pelo ya hao e ke e o nyakalatse matsatsing a botjha ba hao, o tsamaye ka dithato tsa pelo ya hao le ka tjhadimo ya mahlo a hao;


Bohle re ne re lahlehile jwaloka dinku, re ne re ya e mong le e mong ka tsela ya hae; empa Jehova o mo jarisitse makgopo wohle a rona.


Ya hlabang kgomo, ho nna ho jwaloka ya bolayang motho; ya etsang sehlabelo ka nku, o jwaloka ya fenethileng ntja; ya hlahisang setjheso, o jwaloka ya hlahisang madi a kolobe; ya tjhesang dibano, o jwaloka ya bokang medimo ya bohata. Erekaha ba ikgethetse ditsela tsa bona, mme meya ya bona e ithatetse manyala a bona,


Le ke ke la etsa kamoo re etsang mona kateng, kajeno, ha e mong le e mong a etsa seo a se lekanyang hore se lokile.


Mehleng eo, ho ne ho se morena Iseraeleng; e mong le e mong o ne a iketsetsa kamoo a ratang kateng.


Mohlang oo, ho ne ho se morena Iseraeleng. Mohlang oo, ba leloko la Dane ba ne ba ipatlela naha ya lefa eo ba ka ahang ho yona, hobane ba ne ba eso ho bone lefa la bona melokong ya Iseraele ho fihlela tsatsi leo.


Yaba banna bao ba bahlano ba tloha, ba fihla Laishe, ba bona batho ba teng ba dutse ba iketlile ka mokgwa wa Basidone, ba dutse ka boiketlo le ka kgotso, ho se motho ya nang le borena naheng eo, ya nang le matla a ho ba etsa hampe, ba le hole le Basidone, ba se na taba le batho ba bang.


Mohlang oo, ho ne ho se morena Iseraeleng. Ka mohlomong, monna wa Molevi ya neng a aheletse letswapong la thaba ya Efraime, a inkela mosadi wa serethe Bethlehema-Juda.


Le bona bana ba Iseraele ba tloha teng mohlang oo, ba kgutlela e mong le e mong lelokong la hae le tlung ya hae; ba tloha, e mong le e mong a tle a kgutlele lefeng la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ