Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 21:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Le tadime, mme ha le bona barwetsana ba Silo ba etswa hae ho etsa mehobelo, le tswe masimong a merara; e mong le e mong a ikgapele mosadi hara barwetsana ba Silo, mme le ye le bona naheng ya Benjamine.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Le lebelle, mme e tle ere ha le bona barwetsana ba Shilo ba etla motjekong, le ropohe hara dirapa tsa morara, monna e mong le e mong a ikabe ka mosadi wa hae hara barwetsana bao ba Shilo, a ikele naheng ya morabe wa Benjamine.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 21:21
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele Davida, o ne a hobela ka matla wohle a hae pela areka ya Jehova; mme Davida o ne a apere efoda ya lene.


Davida a re ho Mikale: Ke entse jwalo pela Jehova ya nkgethileng bakeng sa ntatao le bakeng sa bohle ba ntlo ya hae, hore a mpee motsamaisi wa setjhaba sa Jehova, sa Iseraele; ke ka baka leo ke ratang ho hobela pela Jehova;


Ba ke ba roke lebitso la hae ka mehobelo, ba mo rorise ka modumo wa meropa le wa diharepa!


O roriseng ka modumo wa thomo e dikgole le ka phala!


Yaba Miriame moporofeta, kgaitsedi ya Aarone, le yena o nka moropa letsohong la hae; basadi kaofela ba tswa, ba mo sala morao, ba nkile meropa, ba tlaka.


nako e teng ya ho lla, e teng nako le ya ho tsheha: nako e teng ya ho bokolla, e teng nako le ya ho hobela;


Kgutla, kgutla, Sulamithe; kgutla, kgutla, re tle re o tadime. — Na le tadimelang Sulamithe jwalokaha eka e le diema tse pedi tsa mohobelo.


Ke moo barwetsana ba tla nyakalla mehobelong le bahlankana le maqheku hammoho, mme ke tla fetola maswabi a bona thabo, ke ba tshedise, ke ba thabise bakeng sa bohloko ba bona.


Mme le tsohele batho masene; hobane ba tla le isa kgotla, ba le shape masinagogeng a bona.


Empa e ka kgona a utlwiswe bohloko bo boholo pele, a lahlwe ke moloko ona.


Yaba Jafeta o kgutlela Mitspe, tlung ya hae; mme bonang, moradi wa hae a tla mo kgahlanyetsa, ka meropa le ka mehobelo e le yena ngwana ya mong ho Jafeta, a se na mora leha e le moradi, haese yena.


Ba laela bana ba Benjamine, ba re: Eyang le lalle masimong a merara.


Yare mohla ho boelwang hae, ha Davida a kgutla polaong ya Mofilesta, basadi ba tswa ka metse yohle ya Iseraele, ho tla kgahlanyetsa morena Saule ka meropa le diphala, ba bina, ba hobela, ba thabile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ