Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 21:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ba re: Bonang, mokete wa Jehova o teng Silo ka selemo se seng le se seng, ka nqa leboya ho Bethele, le ka nqa botjhabatsatsi ho tsela e tlohang Bethele ho ya nyolosetsa Sikeme, le ka nqa leboya ho Lebona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Ba boela ba re: “Bonang, ka selemo se seng le se seng ho ba le mokete wa Morena, mane Shilo e ka leboya ho Bethele, ka botjhabela ho mmila o moholo o nyolohang Bethele, o eya Shekeme, ka borwa ho Lebona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 21:19
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke kgwedi e ntjha, letsang phala; ke kgwedi e tolokileng, tsatsi la mokete wa rona!


Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare hobane le kene naheng eo ke le neang yona, mohla le kotulang masimo, le tla tlisa ho moprista ngata ya dilopotsiya tsa kotulo ya lona.


Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Mekete ya Jehova eo le tla e mema, e tla ba diphutheho tse halalelang. Ke ena mekete ya ka:


Bolella bana ba Iseraele, o re: Ho tloha letsatsing la leshome le metso e mehlano la kgwedi eo ya bosupa, ho tla etsetswa Jehova ka matsatsi a supileng mokete wa Metlotlwane.


Ke ena mekete ya Jehova, le diphutheho tse halalelang tseo le tlang ho di mema nakong ya tsona:


Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi eo, e tla ba mokete wa mahobe a se nang ditomoso, o etsetswang Jehova; le tla ja mahobe a se nang ditomoso ka matsatsi a supileng.


Matsatsing a lona a ho thaba, mohla mekete ya lona, le thwasong ya dikgwedi tsa lona, le tla letsa diterompeta, le ntse le hlahisa ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona a teboho, mme le tla hopolwa jwalo pela Modimo wa lona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, e tla ba Paseka ya Jehova.


Ka tsatsi la dithakangwaha, ha le hlahisetsa Jehova nyehelo e ntja, e leng ka mokete wa lona wa diveke, le tla ba le phutheho e kgethehileng; le ke ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona.


Ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, le tla ba le phutheho e kgethehileng; le ke ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona. Le tla etsetsa Jehova mokete ka matsatsi a supileng.


Kamora tseo, mokete o mong wa Bajuda wa eba teng; mme Jesu a nyolohela Jerusalema.


Mokete wa Bajuda wa Metlotlwane o ne o le haufi.


Elellwa kgwedi ya Abibe, mme o etsetse Jehova, Modimo wa hao, Paseka ka yona; hobane ke ka kgwedi ya Abibe, Jehova, Modimo wa hao, a o ntshitseng naheng ya Egepeta bosiu.


mme o etsetse Jehova, Modimo wa hao, mokete wa Diveke, o abele Modimo kabelo kamoo matsoho a hao a ratang ho leboha kateng, o nee ho seo Jehova, Modimo wa hao, a o hlohonolofaditseng ka sona.


Ha o se o bokeletse hae tsa diotlo le tsa dihatelo tsa hao, o tla etsa mokete wa metlotlwane ka matsatsi a supileng.


Yaba phutheho yohle ya bana ba Iseraele e bokana Silo, ya hloma tente ya pokano teng; ke ha lefatshe le se le hapilwe ke bona.


Ba ikemisetsa setshwantsho se betlilweng, se entsweng ke Mika, mme ha nna ha eba jwalo ka ditshiu tsohle tseo ntlo ya Modimo e nnileng ya eba Silo ka tsona.


Ba laela bana ba Benjamine, ba re: Eyang le lalle masimong a merara.


Monna eo o na a ye a tlohe motseng wa habo ka selemo se seng le se seng, ho ya rapela le ho hlabela Jehova wa makgotla Silo. Ke moo bara ba Eli ba babedi, Hofni le Finease, e neng e le baprista ba Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ