Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 21:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ha ho le jwalo, phutheho ya romela teng banna ba bahale ba dikete tse leshome le metso e mmedi, ba ba laela, ba re: Eyang, le bolaye ba ahileng Jabeshe-Gileade ka bohale ba lerumo, hammoho le bona basadi le bana ba banyenyane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Kahoo setjhaba sa romela banna ba bahale, ba dikete tse leshome le metso e mmedi, sa re: “Tsamayang le yo bolaya baahi ba Jabeshe-Gileade ka sabole; le bolaye basadi le bana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 21:10
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, bolayang ba batona kaofela ba hara bana, le bolaye mosadi e mong le e mong ya kileng a tsebana le monna diphateng;


teng o bolaye ruri ba ahileng motseng oo ka bohale ba lerumo, mme o o neele anathema, le dintho tsohle tse ho wona; esita le dikgomo tsa teng di bolawe ka bohale ba lerumo.


Yaba Joshua le Baiseraele bohle ba tshwara Akane, mora Sera, le silefera, le seaparo, le leleme la kgauta, le bara ba hae, le baradi ba hae, le kgomo tsa hae, le diesele tsa hae, le dinku tsa hae, le tente ya hae, le tsohle tse ding tsa hae; ba ba nyolosetsa sekgutlong sa Akore.


Yaba bana ba Iseraele ba re: Ke bafe, melokong yohle ya Iseraele, ba sa kang ba nyolohela ho Jehova phuthehong? Ba rialo kahobane ba ne ba hlapantse ka hlapanyo e kgolo bakeng sa ba ka hanang ho nyolohela ho Jehova, Mitspe, ba re: Ruri ba tla bolawa.


Ke ha ba tla re: Ana ke bafe ba meloko ya Iseraele ba sa kang ba nyolohela ho Jehova, Mitspe, na? Yaba ba fihlela hobane ho se le a mong wa Jabeshe-Gileade ya nyolohetseng diahelong le phuthehong.


Hobane setjhaba ha se balwa, ha fihlelwa hobane teng ho ne ho se le a mong wa ba ahileng Jabeshe-Gileade.


Rohakang Merose, ha rialo lengeloi la Jehova! Rohakang, rohakang ba ahileng teng, hobane ha ba ka ba tla ho tlatsa Jehova, ho tlatsa Jehova hammoho le bahale.


a nka pholo tse pedi, a di pomahanya dikoto, a di romela naheng tsohle tsa Iseraele ka manqosa a reng: E mong le e mong ya sa tsweng hae ho latela Saule le Samuele, ho tla etswa jwalo ka kgomo tsa hae. Letsoso la Jehova la wela setjhaba, mme ba tswa jwaloka eka ke motho a le mong.


Eya jwale, o bolaye Baamaleke, mme o neele tsohle tsa bona anathema; o se ke wa ba hauhela, o mpe o bolaye banna le basadi, bana le ba anyang, le dikgomo, le dinku, le dikamele, le diesele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ