Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 21:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Banna ba Iseraele ba ne ba hlapantse Mitspe, ba re: Ha ho e mong wa rona ya tla neela Babenjamine moradi wa hae nyalong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Banna ba Iseraele ba ne ba ile ba hlapanya ha ba le Misepa, ba re: “Ha ho le ya mong wa rona ya tla neana ka moradi wa hae hore a nyalwe ke ba morabe wa Benjamine.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 21:1
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O se ke wa potlakisa molomo wa hao, pelo ya hao e se ke ya akofa ho bua taba pela Modimo; hobane Modimo o mahodimong, athe wena, o lefatsheng; ha ho le jwalo, mantswe a hao a be a se makae;


Ha o ana ka nnete, ka sebele le ka ho loka, o re: Ka Jehova ya phelang! ditjhaba di tla hlohonolofalla ho yena, di ithorisetse ho yena.


Jeremia a ya ho Gedalia, mora Akikame, Mitspe, a dula teng ho yena hara setjhaba se setseng lefatsheng la Juda.


A mo hlapanyetsa, a re: Ntho eo o ka e kopang, ke tla o fa yona, leha e ka ba le ho o arolela mmuso wa ka kalehare.


Eitse hobane bo se, Bajuda ba bang ba etsa morero, mme ba itlama ka ho hlapanya, ba re, ba ke ke ba enwa, leha e le ho ja, ba eso ho bolaye Pauluse.


Hobane ke paki ya bona, ya hore ba na le tjheseho ho Modimo, empa e seng ka kelello.


Yaba bana ba Iseraele bohle ba tswa, ho tloha Dane le ho isa Beerseba, le naheng ya Gileade, mme Baiseraele ba phuthehela Mitspe pela Jehova, jwaloka hoja ke motho a le mong.


Ho ke ho kgethwe, melokong yohle ya Iseraele, banna ba leshome hara ba lekgolo, le ba lekgolo hara ba sekete, le ba sekete hara ba dikete tse leshome, ba tle ba latele setjhaba mofaho, mme re ye Gibea wa Benjamine, mme re ba etse ka manyala wohle a entsweng ke bona Iseraeleng.


Banna ba Iseraele ba kgutlela ho bana ba Benjamine ba setseng, ba ba bolaya ka bohale ba lerumo, ho qala ka banna ba motse ho isa dikgomong, le nthong tsohle tse teng; ba tjhesa le metse ya teng kaofela.


Yaba setjhaba kaofela se ema jwaloka hoja ke motho a le mong, sa re: Ha ho e mong wa rona ya tla kgutlela hae tenteng ya hae, leha e le ho ipoella hae tlung ya hae.


Haele rona, re ke ke ra ba neela baradi ba rona nyalong, kahobane bana ba Iseraele ba hlapantse ka ho re: Ho rohakwe ya tla nea Babenjamine mosadi.


Etlare ha bontata bona, kapa kgaitsedi tsa bona, ba tla ho le qosa pela rona, re tla re ho bona: Le ba hauhele bakeng sa rona, hobane ha re a ka ra ba hapela bohle basadi ntweng; haele lona, kamoo le sa kang la ba neela baradi ba lona kateng, ha le na molato.


Yaba bana ba Iseraele ba re: Ke bafe, melokong yohle ya Iseraele, ba sa kang ba nyolohela ho Jehova phuthehong? Ba rialo kahobane ba ne ba hlapantse ka hlapanyo e kgolo bakeng sa ba ka hanang ho nyolohela ho Jehova, Mitspe, ba re: Ruri ba tla bolawa.


Re tla ba etsetsa jwang hore re nee ba setseng basadi, haele moo re hlapantse ka Jehova, ra re, re ke ke ra ba neela baradi ba rona e be basadi ba bona?


Banna ba Iseraele ba ne ba kgathetse tsatsing leo; empa Saule a hlapantsha setjhaba, a re: Ho rohakwe motho ya jang dijo ho isa mantsiboya, ke be ke iphetetse ho dira tsa ka. Ka baka leo, setjhaba kaofela ha se a ka sa utlwa bohobe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ