Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 20:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ka ba ka tshwara serethe sa ka, ka se poma dikoto, ka romela dikoto tsa sona naheng yohle ya lefa la Iseraele, ka ho re, ba Gibea ba entse molato le manyala Iseraeleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Ka nka setopo sa mosadi eo wa ka wa lefielo, ka se kgaola dikotwana, ka di romela naheng yohle eo Baiseraele ba e jeleng lefa, hobane Bagibea bao ba entse bohlola le manyala naheng ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 20:6
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba Jakobo, eitse ha ba utlwa taba tsena ba etswa naheng, banna bao ba tlalwa ke dipelo, ba halefa hampe, kahobane Sikeme a entse manyala ho Iseraele, a robetse le moradi wa Jakobo, a entse taba e se tshwanelang ho etswa.


Le se ke la itshela sesila ka efe le efe ya ntho tseo, hobane ke ka dintho tseo kaofela ditjhaba tseo ke yang ho di lelekisa pela lona di itshetseng ditshila.


Le boloke melao ya ka, mme le se ke la etsa leha o le mong wa mekgwa e manyala e neng e etswa le eso ho kene, mme le se ke la itshela ditshila ka yona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Ya tshwarwang a ena le ntho e entsweng anathema, o tla tjheswa, yena le tsohle tsa hae, kahobane a tlotse selekane sa Jehova, mme a entse manyala Iseraeleng.


Ba re ba sa thabisa dipelo tsa bona, bonang, banna ba motse, batho ba Beliale, ba teela ntlo hare, ba raha lemati, ba bolella monna ya tsofetseng, mong a ntlo, ba re: Ntshetsa ntle monna ya fapohetseng ha hao, re tle re mo tsebe.


Monna, monga ntlo, a tswela ho bona, a re ho bona: Tjhe, banabeso, se etseng hampe; haele moo monna eo a fapohetse ha ka, le se ke la etsa manyala a kalo.


Eitse hobane a fihle hae, a nka thipa, a tshwara serethe sa hae, a se arola, a se etsa koto tse leshome le metso e mmedi ka ho ya ka masapo a sona, mme a di romela naheng yohle ya Iseraele.


Ho ke ho kgethwe, melokong yohle ya Iseraele, banna ba leshome hara ba lekgolo, le ba lekgolo hara ba sekete, le ba sekete hara ba dikete tse leshome, ba tle ba latele setjhaba mofaho, mme re ye Gibea wa Benjamine, mme re ba etse ka manyala wohle a entsweng ke bona Iseraeleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ