Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 20:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Bana ba Benjamine ba tswa ho kgahlanyetsa setjhaba, mme ba hulelwa hole le motse; hona teng, ba hla ba bolaya ba bang ba setjhaba, jwaloka pele, tseleng e nyolosetsang Bethele le tsela e yang Gibea, e le hara naha, mme ha eshwa Baiseraele ba batlileng ho etsa mashome a mararo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Ba morabe wa Benjamine ba tswa ho futuhela setjhaba sa bana ba Iseraele. Ba ba hulela thokwana le motse, ba qala ho bolaya setjhaba, ba se etsa mofela, jwaloka makgetlong a pele. Ba ba bolaela mebileng e moholo e yang Bethele, le mmileng o yang Gibea, le hara masimo, e batlile e eba banna ba mashome a mararo ba Baiseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 20:31
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O se a fetile ka lekgalo; bosiu o bo hlola Geba; ba Rama ba tshohile, ba Gibea-Saule ba balehile.


Banna ba Ai ba bolaya banna ba mashome a mararo a metso e tsheletseng ho bona, mme ba ba phallela ho tloha kgorong ya motse ho isa Shebarime, ba ba bolaela le motheong; ebile setjhaba se nyahama dipelo, tsa eba jwaloka metsi.


ha ho a ka ha sala monna Ai le Bethele, ya sa phallelang Baiseraele; mme ba siya motse o butswe, mme ba phallela Baiseraele.


Bana ba Iseraele ba nyoloha la boraro ho lwantsha bana ba Benjamine, mme ba hlopholla ntwa pela Gibea, jwaloka pele.


Yaba bana ba Benjamine ba re: Ba qhalwa pela rona jwaloka pele. Athe bana ba Iseraele, bona, ba ne ba re: A re baleheng, re tle re ba hulele ditseleng hole le motse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ