Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 20:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Finease, mora Eleasare, mora Aarone, o ne a eme pela Modimo mohlang oo), ba re: Na re tla boela re tswe ho ya lwantsha bana ba Benjamine, banababo rona, kapa a re tla lesa na? Jehova a re: Nyolohang, hobane hosasane, ke tla ba neela matsohong a lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Ka matsatsi wona ao, Finease, mora wa Eleasare, mora wa Arone, e ne e le yena ya sebeletsang kapele ho yona. Jwale a re: “Na re ka boela ra futuhela bana babo rona, ba morabe wa Benjamine, kapa re kgaotse?” Morena a re: “Nyolohang, hobane hosasane ke tla neelana ka bona matsohong a lona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 20:28
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba kenya areka ya Modimo koloing e ntjha, ha ba se ba e ntshitse tlung ya Abinadabe e leralleng. Ussa le Akio, bara ba Abinadabe, ba ne ba tsamaisa koloi eo e ntjha.


Le ke ke la tshwanela ho lwana ntweng ena; le mpe le hlahe, mme le ikemele hona teng, le tle le bone poloko ya Jehova ya nang le lona. Oho, lona Bajuda, le ba Jerusalema, se tshabeng, le se ke la tepella. Hosasane, le tswele ho bona, hobane Jehova o tla ba le lona.


mora Abishua, mora Finease, mora Eleasare, mora Aarone, moprista e moholo, ke re, Esdrase eo a tloha Babilona.


Eleasare, mora Aarone, a nyala e mong wa baradi ba Puthiele, mme a mo tswalla Finease. Ke tsona dihlooho tsa bontata Balevi ka masika a bona.


Oho! Jehova, ke a tseba hobane tsela ya motho ha e matleng a hae, mme motho ya tsamayang a ke ke a lokisa dika tsa hae.


Mohlang oo, Jehova a kgetha leloko la Levi ho jara areka ya selekane sa Jehova, le ho ema pela Jehova, le ho mo sebeletsa, le ho hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la hae, ho fihlela la kajeno.


Hobane Jehova, Modimo wa hao o mo kgethile hara meloko ya hao yohle, hore a eme pela hae ho sebetsa ka lebitso la Jehova, e le yena le bara ba hae kamehla.


Bana ba Iseraele ba roma Finease, mora moprista Eleasare, ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, naheng ya Gileade,


Le yena Eleasare, mora Aarone, a shwa; mme ba mo pata leralleng la Finease, mora hae, leo a neng a le neilwe thabeng ya Efraime.


Joshua a ntoo re: Oho, Morena Jehova, o ne o tshedisetsang tjhaba sena Jordane, ho tla re neela matsohong a Baamore, hore ba re timetse? Hoja ra dumela ho itulela mose wane wa Jordane!


Jehova a araba, a re: Ho futuhe Juda; bonang, ke neetse lefatshe matsohong a hae.


Mme bonang, monna ya tsofetseng o ne a oroha masimong, mosebetsing wa hae, e le ka shwalane, e le monna wa thaba ya Efraime, a mpa a aheletse Gibea; athe batho ba motse oo e ne e le Babenjamine.


Bosiung bona boo, Jehova a re ho yena: Ema, o theohele diahelong, etswe ke di neetse matsohong a hao.


Saule a botsa Modimo, a re: Ana ke tla tloha, ke phallele Bafilesta na? Ana o tla ba neela matsohong a Baiseraele na? Empa Modimo o se ke wa mo araba letho tsatsing leo.


Davida a botsa Jehova, a re: Ha nka phallela letshwele lela, ana ke tla ba tshwara na? Jehova a re ho yena: Phalla, hobane o fela o tla ba tshwara, le ho hlakodisa tsohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ