Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 20:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Babenjamine ba tswa Gibea ho ya ba kgahlanyetsa, e le la bobedi, mme ba bolaela fatshe ho bana ba Iseraele banna ba kete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, e leng ba pshemolang sabole kaofela ha bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Ka lona letsatsi leo la bobedi, ba morabe wa Benjamine ba tswa Gibea, ba boela ba bolaya banna ba Iseraele ba dikete tse leshome le metso e robedi. Banna bana bohle e ne e le ba hlometseng ka disabole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 20:25
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho! o se ke wa etsa taba e jwalo le hanyenyane, wa bolaya ya lokileng hammoho le ya bolotsana, hore ya lokileng a hlahelwe ke ntho e le nngwe le molotsana. Taba eo e be hole le wena! Hleka moahlodi wa lefatshe a ke ke a etsa ka ho loka na?


Benjamine ke phiri e rusollang; ka hosasa o ja nama ya se bolailweng, mantsiboya a ikarolele thepa.


Maru le botsho di mo teetse hare; ho loka le kahlolo ke motheo wa terone ya hae.


Haesale mohla Gibea, o sebile, Iseraele. Ba tiiseditse teng; ntwa e hlahetseng ba bolotsana Gibea na e ke ke ya ba tshwara na?


A bodiba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ya Modimo! Dikahlolo tsa wona ha di hlalohanngwe hakakang! Ditsela tsa wona ha di na ho fihlelwa hakakang!


Empa ka bothata ba hao le ka pelo ya hao e se nang pako, o ipokellela bohale bo tlang ho hlahela mohla letsatsi la bohale le la ponahatso ya kahlolo e lokileng ya Modimo,


Mme ha ho se loke ha rona ho bonahatsa ho loka ha Modimo, re tla reng moo? Na Modimo o kgopo ha o etsa ka kgalefo na?


Jwale, bana ba Benjamine ba tswa Gibea, mme tsatsing leo ba bolaela fatshe Baiseraele ba kete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.


Yaba bana ba Iseraele ba atamela bana ba Benjamine la bobedi.


Yaba bana bohle ba Iseraele le setjhaba sohle ba nyoloha, ba ya Bethele, ba lla ba ntse ba eme hona teng pela Jehova; ba itima dijo ka tsatsi leo, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba hlaba ditjheso le mahlabelo a teboho pela Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ