Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla pela Jehova, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba boela ba botsa Jehova, ba re: Ana re tla boela re lwantshe bana ba Benjamine, banababo rona, na? Jehova a re: Nyolohang ho ya ba lwantsha.
Babenjamine ba tswa Gibea ho ya ba kgahlanyetsa, e le la bobedi, mme ba bolaela fatshe ho bana ba Iseraele banna ba kete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, e leng ba pshemolang sabole kaofela ha bona.