Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 20:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla pela Jehova, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba boela ba botsa Jehova, ba re: Ana re tla boela re lwantshe bana ba Benjamine, banababo rona, na? Jehova a re: Nyolohang ho ya ba lwantsha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla ba le kapele ho Morena, ho fihlela ka phirimana. Ba botsa Morena, ba re: “Na re ka boela ra futuhela bana babo rona, ba morabe wa Benjamine?” Morena a re: “Nyolohang le ba futuhele.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 20:23
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Setjhaba sohle sa ntoo tla ho Davida, sa re, a je dijo e sa le motshehare. Davida a mpa a hlapanya, a re: Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha nka utlwa bohobe, leha e le eng, tsatsi le eso ho dikele.


Ke tla tloha, ke kgutlele nqalong ya ka, ke dule teng, ba tle ba be ba ikutlwe dibe tsa bona, ba batle sefahleho sa ka. Tlokotsing ya bona, ba tla tsohela ho tla ho nna.


Yaba Joshua o hahola diaparo tsa hae, a itabanya fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova, ya ba ya eba mantsiboya, a ena le baholo ba Iseraele, ba ithuntsheditse dihlooho ka dithole.


Joshua a ntoo re: Oho, Morena Jehova, o ne o tshedisetsang tjhaba sena Jordane, ho tla re neela matsohong a Baamore, hore ba re timetse? Hoja ra dumela ho itulela mose wane wa Jordane!


Eitse hobane Joshua a timele, bana ba Iseraele ba botsa Jehova, ba re: Ke mang ho rona ya tla simolla ho futuhela Bakanana le ho ba lwantsha?


Bana ba Iseraele ba tloha, ba nyolohela Bethele, ba botsa Modimo, ba re: Ke mang ho rona ya tla etella ba bang pele ho futuhela bana ba Benjamine? Jehova a re: Ho etelle Juda pele.


Leha ho le jwalo, setjhaba, e leng banna ba Iseraele, sa beta pelo, mme sa boela sa hlopholla ntwa moo se neng se e hlopholotse pele.


Yaba bana ba Iseraele ba atamela bana ba Benjamine la bobedi.


Setjhaba sa ya Bethele; ba dula teng pela Modimo, ha ba ha eba mantsiboya, ba lla, ba bokolla ka pokollo e kgolo haholo.


Ha o tloha teng o eya pele, o tla fihla eikeng ya Thabore; teng o tla kgahlanyetswa ke banna ba bararo, ba yang ho Modimo Bethele; e mong o isa potsanyane tse tharo, e mong o jere polokwe tse tharo tsa bohobe, e mong o jere lekuka la veine.


Manqosa ao a tla Gibea, ho Saule, a bolella setjhaba taba tseo; mme setjhaba sohle sa phahamisa lentswe, sa lla.


Ba phuthehela Mitspe. Teng, ba ekga metsi, mme ba a tshollela pela Jehova, mme ba itima dijo tsatsing leo, ba re: Re sitetswe Jehova. Mme Samuele a ahlolela bana ba Iseraele Mitspe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ