Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 20:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Leha ho le jwalo, setjhaba, e leng banna ba Iseraele, sa beta pelo, mme sa boela sa hlopholla ntwa moo se neng se e hlopholotse pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Empa banna ba Iseraele ba tsoha molota, ba boela ba thea theko ya ntwa moo ba neng ba e theile teng ka letsatsi la pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 20:22
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a re ho lenqosa: E re ho Joabe: O se ke wa tshoha ke taba ena; sabole e ye e je e mong mona, e boele e je e mong kahosele; ako tiisetse ho lwantsha motse, o o heletse. O ke o mo kgothatse ka tseo.


Ba pheheletse ho etsa hampe, ba rera hammoho ho pata maraba, ba re: Ke mang ya tla a bona?


Tsatsing lona leo, bana ba Benjamine, ba tswileng metseng ya bona, ba balwa, ya eba banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e tsheletseng, ba pshemolang sabole, kantle ho ba ahileng Gibea, bao e neng e le banna ba dinatla ba makgolo a supileng, ha ba balwa.


Kantle ho Benjamine, banna ba Iseraele ha ba balwa, ya eba banna ba kete tse makgolo a mane, ba pshemolang sabole, banna ba ntwa kaofela ha bona.


Jwale, bana ba Benjamine ba tswa Gibea, mme tsatsing leo ba bolaela fatshe Baiseraele ba kete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.


Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla pela Jehova, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba boela ba botsa Jehova, ba re: Ana re tla boela re lwantshe bana ba Benjamine, banababo rona, na? Jehova a re: Nyolohang ho ya ba lwantsha.


Kahoo, Davida a tsieleha haholo, hobane le batho ba ne ba bolela taba ya ho mo tlepetsa ka majwe, hobane pelo tsa bohle di ne di baba, e mong le e mong ka baka la bara ba hae le la baradi ba hae; empa Davida a ikgothatsa ka Jehova, Modimo wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ