Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 20:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Baholo ba setjhaba kaofela, e leng ba meloko yohle ya Iseraele, ba itlhahisa phuthehong ya setjhaba sa Modimo, ya eba batho ba kete tse makgolo a mane a ba maoto, ba pshemolang sabole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Baetapele bohle ba setjhaba le ba merabe yohle ya Iseraele ba ba teng phuthehong ya setjhaba sa Modimo; e le banna ba ditaaso ba dikete tse makgolo a mane, ba hlometseng ka disabole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 20:2
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mosadi a re: Homme ke ka baka lang ha o hopotse ho etsetsa setjhaba sa Modimo taba e kale ka eo na? Ka taba eo morena a e boletseng, o ikentse motho ya kang o molato, kahobane morena a sa late ngwana hae ya lelekilweng.


Yaba Joabe o nea morena palo ya bongata ba setjhaba; ho ne ho le Iseraeleng kete tse makgolo a robileng meno e le mmedi tsa banna ba ntwa ba tsomolang sabole, banna ba Juda bona e le ba dikete tse makgolo a mahlano.


Morena wa Moabe, ha a bona a hlotswe ke ntwa, a inkela banna ba makgolo a supileng, ba tshwereng disabole, a tle a phunye ho fihla moreneng wa Edomo, ba mpa ba sitwa.


Yare bana ba Iseraele ha ba utlwa hoo, phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya bokana Silo ho ya ba lwantsha.


Tsatsing lona leo, bana ba Benjamine, ba tswileng metseng ya bona, ba balwa, ya eba banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e tsheletseng, ba pshemolang sabole, kantle ho ba ahileng Gibea, bao e neng e le banna ba dinatla ba makgolo a supileng, ha ba balwa.


Kantle ho Benjamine, banna ba Iseraele ha ba balwa, ya eba banna ba kete tse makgolo a mane, ba pshemolang sabole, banna ba ntwa kaofela ha bona.


Mme bana ba Benjamine ba utlwa ho thwe, bana ba Iseraele ba nyolohetse Mitspe. Yaba bana ba Iseraele, ba re: Re bolelleng kamoo bobe bo hlahileng kateng.


Haele Seba le Tsalmunna, ba ne ba fihlile Karkore le makgotla a bona, e leng bohle ba setseng ba makgotla wohle a bana ba Botjhabela, e batlile ho ba batho ba dikete tse leshome le metso e mehlano, ho bolailwe ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a ba pshemolang sabole.


Saule ha a ba bala Beseke, bana ba Iseraele ya eba dikete tse makgolo a mararo, banna ba Juda bona e le dikete tse mashome a mararo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ