19 Ha ho le jwalo, bana ba Iseraele ba tsoha e sa le hosasa, ba ya emisa pela Gibea.
19 Bana ba Iseraele ba tsoha e sa le hoseng, ba fihla ba hloma pela Gibea.
Joshua a tsoha e sa le hosasa; ba tloha Shittime, ba tla Jordane, yena, le bana bohle ba Iseraele, mme ba robala teng ba eso ho tshele.
Joshua a boela a tsoha e sa le hosasa, mme baprista ba jara areka ya Jehova.
Ebile Joshua o tsoha e sa le ka meso, a atametsa Baiseraele ka meloko ya bona, mme leloko la Juda la tshwarwa.
Bana ba Iseraele ba tloha, ba nyolohela Bethele, ba botsa Modimo, ba re: Ke mang ho rona ya tla etella ba bang pele ho futuhela bana ba Benjamine? Jehova a re: Ho etelle Juda pele.
Banna ba Iseraele ba tswa ho ya lwantsha Babenjamine, mme banna ba Iseraele ba hlopholla ntwa pela Gibea.