Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 20:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Kantle ho Benjamine, banna ba Iseraele ha ba balwa, ya eba banna ba kete tse makgolo a mane, ba pshemolang sabole, banna ba ntwa kaofela ha bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Ntle ho ba morabe wa Benjamine, banna ba Baiseraele, ba neng ba hlometse ka disabole, e ne e le dikete tse makgolo a mane. Banna bana bohle e ne e le bahlabani.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 20:17
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Joabe a bolella Davida palo ya bongata ba setjhaba: Iseraeleng ho ne ho le banna ba tsomolang sabole ba sekete sa dikete se nang le lekgolo le le leng la dikete; haele Juda, ho ne ho na le banna ba tsomolang sabole ba dikete tse makgolo a mane a mashome a supileng.


Ba ngotsweng bohle ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng a metso a meraro, tse nang le makgolo a mahlano a nang le mashome a mahlano.


Ke bona bao bara ba Iseraele ba kileng ba balwa, e leng ba dikete tse makgolo a tsheletseng a motso o mong tse nang le makgolo a supileng a mashome a a mararo.


Hara banna bao ba bakalo, ho ne ho na le banna ba makgolo a supileng ba dinatla ba maqele; bao kaofela ba ne ba betsa majwe ka letjeketjane, ba sa fose le ntho e botenya ba moriri.


Bana ba Iseraele ba tloha, ba nyolohela Bethele, ba botsa Modimo, ba re: Ke mang ho rona ya tla etella ba bang pele ho futuhela bana ba Benjamine? Jehova a re: Ho etelle Juda pele.


Baholo ba setjhaba kaofela, e leng ba meloko yohle ya Iseraele, ba itlhahisa phuthehong ya setjhaba sa Modimo, ya eba batho ba kete tse makgolo a mane a ba maoto, ba pshemolang sabole.


Leha ho le jwalo, setjhaba, e leng banna ba Iseraele, sa beta pelo, mme sa boela sa hlopholla ntwa moo se neng se e hlopholotse pele.


Saule ha a ba bala Beseke, bana ba Iseraele ya eba dikete tse makgolo a mararo, banna ba Juda bona e le dikete tse mashome a mararo.


Ebile Saule o mema setjhaba, mme a se bala Thelaime, ya eba kete tse makgolo a mabedi a ba maoto, Bajuda e le kete tse leshome.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ