Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 20:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Hara banna bao ba bakalo, ho ne ho na le banna ba makgolo a supileng ba dinatla ba maqele; bao kaofela ba ne ba betsa majwe ka letjeketjane, ba sa fose le ntho e botenya ba moriri.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Banna bana bohle, ba kgethilweng, ba makgolo a supileng, e ne e le ba maqele. E mong le e mong wa bona o ne a ka betsa qoba ya moriri ka letjeketjane, mme a se ke a e fosa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 20:16
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

e ne e le ba fulang ka diqha; ba ne ba betsa majwe ka letsoho le letona le ka letsoho le letshehadi, mme ba ne ba fula metsu ka diqha; e ne e le ba habo Saule, Babenjamine.


Osiase o ne a lokiseditse makgotla dithebe, le marumo, le diheleme, le ditshireletso tsa difuba, le diqha le matjeketjane.


Kantle ho Benjamine, banna ba Iseraele ha ba balwa, ya eba banna ba kete tse makgolo a mane, ba pshemolang sabole, banna ba ntwa kaofela ha bona.


Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, mme Jehova a ba hlahisetsa monamoledi, Ehude, mora Gera, Mobenjamine, monna ya leqele. Bana ba Iseraele ba romela nyehelo ka yena ho Eglone, morena wa Moabe.


a nka molamu wa hae, a ya molapong, a ithonakela majwe a mahlano a boreledi, a a kenya pataneng ya hae, eo a nang le yona, le mokotlaneng wa hae; a atamela Mofilesta, a tshwere letjeketjane la hae.


Leha motho a ka tsoha ho o hlorisa le ho o bolaya, moya wa monghadi o tla phuthelwa sephuthelong sa ba phelang ho Jehova, Modimo wa hao. Haele bophelo ba dira tsa hao, bo tla lahlelwa hole, ka mokgwa o kang wa tswibila.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ