Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 20:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Tsatsing lona leo, bana ba Benjamine, ba tswileng metseng ya bona, ba balwa, ya eba banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e tsheletseng, ba pshemolang sabole, kantle ho ba ahileng Gibea, bao e neng e le banna ba dinatla ba makgolo a supileng, ha ba balwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ka tsatsi leo, palo ya ba morabe wa Benjamine, ba neng ba hlometse ka disabole, e ne e le banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e tsheletseng, ntle ho banna ba motse wa Gibea, ba kgethilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 20:15
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho bara ba Benjamine, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.


Ba ngotsweng ba leloko la Benjamine ya eba dikete tse mashome a mararo a metso e mehlano, tse nang le makgolo a mane.


le lekgotla la hae, ka ba ngotsweng ba hae, ba kete tse mashome a mararo a metso e mehlano, tse nang le makgolo a mane.


Ke bona bara ba Benjamine ka matlo a bona, le ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a mane a metso e mehlano tse nang le makgolo a tsheletseng.


Bana ba Benjamine ba tswa metseng ya bona, ba bokana Gibea, ho ya lwana le bana ba Iseraele.


Leha ho le jwalo, setjhaba, e leng banna ba Iseraele, sa beta pelo, mme sa boela sa hlopholla ntwa moo se neng se e hlopholotse pele.


Babenjamine ba tswa Gibea ho ya ba kgahlanyetsa, e le la bobedi, mme ba bolaela fatshe ho bana ba Iseraele banna ba kete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, e leng ba pshemolang sabole kaofela ha bona.


Jehova a qhala Benjamine pela Iseraele, mme ka lona tsatsi leo, banna ba Iseraele ba timetsa banna ba Benjamine ba kete tse mashome a mabedi a metso e mehlano tse nang le lekgolo le le leng, e leng ba pshemolang sabole kaofela ha bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ