Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 2:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 le nna, ha ke sa tla hlola ke leleka pela bona motho le a mong wa ditjhaba tseo Joshua a di siileng mohla a timelang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 le nna, ho tloha jwale, ha ke sa tla hlola ke leleka ditjhaba tse kapele ho sona, tseo Joshua a ileng a di siya ha a eshwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 2:21
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

kahobane ba sa ka ba etsa ka melao ya ka, ba mpa ba lahlile dikomelo tsa ka, ba silafaditse Disabatha tsa ka, mme mahlo a bona a nna a latela ditshwantsho tsa bontata bona.


le tsebisise hobane Jehova, Modimo wa lona, ha a sa tla leleka ditjhaba tsena pela lona, empa e tla ba difi le maraba ho lona, le diphafa mahlakoreng a lona, le meutlwa mahlong a lona, le be le fele fatsheng lena le molemo leo Jehova, Modimo wa lona, a le neileng lona.


Bonang, ke le laoletse naha ya ditjhaba tsena tse setseng e tle e be lefa la meloko ya lona, ho tloha Jordane, le ya ditjhaba tsohle tseo le di timeditseng, ho isa Lewatleng le Leholo, nqa bophirimela.


Jehova, Modimo wa lona, ke yena ya tla di leleka pela lona, a di tebele pela lona, le tle le rue lefatshe la tsona, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le boleletse.


Eitse hobane Joshua a timele, bana ba Iseraele ba botsa Jehova, ba re: Ke mang ho rona ya tla simolla ho futuhela Bakanana le ho ba lwantsha?


Ha ho le jwalo, ke itse: Nke ke ka ba leleka pela lona; empa ba tla nne ba be ka mahlakoreng ho lona, mme medimo ya bona e tla ba leraba ho lona.


Ke tsena ditjhaba tseo Jehova a kileng a di siya, ho leka ka tsona Baiseraele, e leng bohle ba sa kang ba bona dintwa tsohle tsa Kanana.


Ke marena a mahlano a Bafilesta, le Bakanana kaofela, le Basidone, le Baheve ba ahileng thabeng ya Lebanone, ho tloha thabeng ya Baale-Hermone ho isa makgalong a Hamathe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ