Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 2:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Enere moahlodi eo ha a timetse, ba ne ba boela ba itshenya le ho feta bontata bona, ka ho latela medimo esele hore ba e sebeletse le ho inama pela yona, ba sa lahle letho la mesebetsi ya bona le la metsamao ya bona e thata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Empa e ne e ye ere ha moahlodi a eshwa, ba boele mekgweng ya bona, ba etse tse kgopo le ho feta bo-ntata bona; ba boele ba latele medimo e meng, ba e sebeletse, ba e kgumamele. Ba ne ba sa ke be ba tlohele mesebetsi ya bona e kgopo, kapa manganga a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 2:19
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa lefatshe le ne le bodile pela Modimo, mme lefatshe le ne le tletse ho bolayana.


Enere ha ba kgatholohile, ba ne ba boela ba qala ho etsa hampe pela mahlo a hao; o ne o boela o ba neela matsohong a dira tsa bona, di ba buse; ebe ba boela ba howeletsa ho wena; wena, wa ba utlwa o le mahodimong; mme mehauhelong ya hao o ba pholositse hangata.


ba se ke ba etsisa bontata bona, bao e bileng moloko o ikgantshang, o hanyetsang, moloko o sa kang wa tsamaya ka pelo e tiileng, oo moya wa wona o sa kang wa tshepeha ho Modimo.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Ema, o theohe, hobane tjhaba sa hao, seo o se nyolotseng fatsheng la Egepeta, se itshentse.


Le lona, le entse hampe ho fetisa bontata lona; bonang, le tsamaya e mong le e mong bothateng ba pelo e mpe ya hae, hore le tle le se ke la nkutlwa.


Ho boleleng ba bolella ba nnyedisang, ba re: Lentswe la Jehova le re: Kgotso e tla ba teng ho lona; le ho bohle ba tsamayang ka bothata ba dipelo tsa bona, ba re: Le ke ke la hlahelwa ke bobe.


Mehleng eo, Jerusalema e tla bitswa terone ya Jehova; ditjhaba tsohle di tla phuthehela Jerusalema ka baka la lebitso la Jehova; mme ha di sa tla tsamaya ka bothata ba dipelo tse mpe tsa tsona.


Ha ho le jwalo, ere ho ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Haele mona le itshilafatsa ka mekgwa ya bontata lona, mme le feba ka ho ya ka diila tsa bona,


Hobane ke a tseba hoba ha ke se ke shwele le tla itshenya ruri; mme le tla fapoha tsela eo ke le laetseng yona; mme mehleng ya morao, le tla hlahelwa ke tlokotsi, kahobane le tla etsa ho leng hobe pela Jehova, mme le tla mo phephetsa ka mesebetsi ya matsoho a lona.


Haele bana ba Iseraele, ba nnile ba sebeletsa Jehova tshiung tsohle tsa Joshua, le tshiung tsohle tsa baholo ba kileng ba hlahlama Joshua, hobane a shwe, ba kileng ba tseba ketso tseo Jehova a neng a di etseditse Iseraele.


Le mpa le mphuraletse, le sebeleditse medimo esele; ka baka leo, ha ke sa tla hlola ke le namolela.


Enere Jehova ha a ba hlahisetsa baahlodi, Jehova o ne a emela moahlodi, a ba namolela matsohong a dira tsa bona ka ditshiu tsohle tsa moahlodi eo; hobane Jehova o ne a ntse a fetoha ke ho utlwa dillo tsa bona ha ba lliswa ke ba ba hlorisang, ba ba tshwenyang.


Ke ha kgalefo ya Jehova e tla tukela Baiseraele, a re: Haele moo setjhaba sena se sentse selekane seo ke se laetseng bontata bona, mme se sa ka sa mamela lentswe la ka,


Setjhaba sa nna sa sebeletsa Jehova ka ditshiu tsohle tsa Joshua le ka ditshiu tsohle tseo baholo ba ileng ba phela ka tsona kamora Joshua, e leng ba neng ba bone mesebetsi yohle e meholo eo Jehova a neng a e etseditse Iseraele.


Eitse hobane Ehude a timele, bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova.


Eitse hobane Gideone a timele, bana ba Iseraele ba boela ba itshela bootswa ka boBaale, mme ba ipeela Baale-Berithe ho ba modimo wa bona.


Hobane boikgantsho bo ka sebe sa bonohe, mme bohata bo tshwana le tshebeletso ya ditshwantsho le ya diterafime; erekaha o lahlile taelo ya Jehova, le yena o o lahlile, hore o se ke wa nna wa ba morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ