Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 2:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Le teng, ba se ke ba mamela baahlodi ba bona, ba nna ba ineela medimo esele, ba e kgumamela; ba phakisa ba kgeloha tsela eo bontata bona ba neng ba tsamaile ka yona, ha ba ntse ba mamela ditaelo tsa Jehova; empa bona ba se ke ba etsa jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Empa ha ba a ka ba mamela le baahlodi bao ba bona, hobane ba nnile ba kgeloha, ba latela medimo e meng, ba e kgumamela. Kapelepele ba kgeloha tsela eo bo-ntata bona ba neng ba tsamaya ho yona, ba hlompha molao wa Morena, empa bona ha ba a ka ba etsa jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 2:17
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba itshela ditshila ka mesebetsi ya bona le ka diketso tsa bootswa ba bona.


Hangata Jehova a ba lopolla, empa ba nna ba ikgantsha mererong ya bona, ba itahla ka bokgopo ba bona.


Hobane ba o kwenehelang ba tla fela. O timetsa bohle ba yang ho itshilafaletsa hole le wena.


Ba se ba kgelohile tsela eo ke neng ke ba laetse yona. Ba iketseditse namane e tsholotsweng, ba kgumamile pela yona, ba bile ba e hlabetse mahlabelo, ba itse: Oho Iseraele, modimo wa hao ke oo, o o ntshitseng fatsheng la Egepeta!


Mehleng ya morena Josiase, Jehova a re ho nna: Na o bone seo Iseraele mokwenehi a se entseng? O ile le dithaba tsohle tse phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku, a nna a feba teng.


Ho itswe ke Jehova: Emang ditseleng le tadime, le botse ditsela tsa kgale; botsang hore na tsela e ntle ke efe? mme le tsamaye ka yona, le tle le fumanele meya ya lona phomolo. Ba mpa ba re: Ha re na ho tsamaya teng.


Le tseke le mma lona, le tseke le yena! Hobane yena hase mosadi wa ka, le nna ha ke monna wa hae; a tlose bootswa ba hae pela sefahleho sa hae, le bofebe ba hae matsweleng a hae,


Ba se ke ba hlola ba hlabela diphooko tseo ba di latelang bootsweng ba tsona. Ke oo molao o sa feleng oo ba tlang ho ya ka wona melokong yohle ya bona.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Juda — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba nyedisitse molao wa Jehova, ba sa ka ba boloka ditaelo tsa hae, ba mpa ba kgeloswa ke mashano a bona ao bontata bona moholo ba ileng ka wona;


Ke maketse kahobane le setse le tlohetse ya le bitsitseng ka mohau wa Kreste, la phakisa ho fetela Evangeling esele;


Jehova a re ho Moshe: Bona, o se o ya orohela ho bontatao, mme setjhaba sena se tla tloha se itshilafatsa ka ho ineela medimo esele ya lefatshe leo se yang ho aha hara lona; se tla mphuralla, se tlole selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.


Mohlang oo, ruri ke tla pata sefahleho sa ka ka baka la bobe bohle boo ba tla bo etsa; hobane etlaba ba fapohile, ba tle ba latele medimo e meng.


mme Jehova a re ho nna: Ema, o phakise ho theoha; hobane setjhaba sa hao, seo o se ntshitseng Egepeta, se itshentse; ba phakisitse ho fapoha tsela eo ke neng ke ba laetse ho tsamaya ka yona; ba iketseditse setshwantsho se tsholotsweng.


Ka tadima, ka bona hobane le ne le sitetswe Jehova, Modimo wa lona, le iketseditse namane e tsholotsweng; le ne le fapohile kapele tsela eo Jehova a neng a le laetse yona.


Ebile setjhaba se re ho Joshua: Jehova, Modimo wa rona, ke yena eo re tla mo sebeletsa, re utlwe lentswe la hae.


Haele bana ba Iseraele, ba nnile ba sebeletsa Jehova tshiung tsohle tsa Joshua, le tshiung tsohle tsa baholo ba kileng ba hlahlama Joshua, hobane a shwe, ba kileng ba tseba ketso tseo Jehova a neng a di etseditse Iseraele.


Setjhaba sa nna sa sebeletsa Jehova ka ditshiu tsohle tsa Joshua le ka ditshiu tsohle tseo baholo ba ileng ba phela ka tsona kamora Joshua, e leng ba neng ba bone mesebetsi yohle e meholo eo Jehova a neng a e etseditse Iseraele.


Eitse hobane Gideone a timele, bana ba Iseraele ba boela ba itshela bootswa ka boBaale, mme ba ipeela Baale-Berithe ho ba modimo wa bona.


Le mohla le boneng Nahashe, morena wa bana ba Ammone, a etla a hlometse, la re ho nna: Tjhe, e ka kgona re buswe ke morena; athe Jehova, Modimo wa lona, e ne e le yena morena wa lona.


Ha ke re, kajena ke nako ya ho hela dikoro na? Ke tla bitsa ho Jehova, mme o tla dumisa diaduma tsa hae, a nese le pula, le tle le tsebe, mme le bone hobane bo boholo bobe boo le bo entseng pela mahlo a Jehova, kamoo le ikopetseng morena kateng.


Setjhaba sohle sa re ho Samuele: Rapella bahlanka ba hao ho Jehova, Modimo wa hao, re tle re se ke ra shwa; hobane re ekeditse makgopo wohle a rona ka bobe boo ba ho ikopela morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ