A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a ya ka mehlala ya ntatae, le ka mehlala ya mmae, le ka mehlala ya Jeroboame, mora Nebathe, ya sebisitseng Iseraele.
A tjhesa dibano kgohlong ya bana ba Hinnome, a tjhesa bara ba hae mollong, ka ho ya ka manyala a ditjhaba tseo Jehova a neng a di faladitse pela bana ba Iseraele.
A tjhesa le bara ba hae ka mollo kgohlong ya bana ba Hinnome, mme a etsa bonohe, le bolao, le boloi, a bea ba bitsang bafu, le dinohe; a nna a etsa tsohle tse mpe mahlong a Jehova, ho mo halefisa ka tsona.
Leha ho le jwalo, ba nnile ba ikgantsha, ba o fetohela; ba lahlela molao wa hao kamora mekokotlo ya bona; ba bolaya baporofeta ba hao ba neng ba paka hara bona, ba reng ba ba sokollela ho wena, mme ba nna ba o phephetsa haholo.
Ba boetse bokgopong ba bontata bona moholo ba kileng ba hana ho utlwa mantswe a ka, ba tsamaela medimo esele ho e sebeletsa. Ntlo ya Iseraele le yona ntlo ya Juda e se e robile selekane seo ke neng ke se hlabile le bontata bona.
O tla re ho bona: Ke hobane bontata lona ba ntlhobohile, ho bolela Jehova, ba nnile ba tsamaela medimo esele, ba e sebeleditse, ba e kgumametse; haele nna, ba ntlhobohile, ha ba ka ba boloka melao ya ka.
Hobane e se e le kgale o robile joko ya hao, o lokolotse ditlamo tsa hao, wa re: Ha ke sa tla sebeletsa. Ke moo o ineetseng bootswa marallaneng wohle a phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku.
O ka bolela jwang, wa re: Ha ke a ka ka itshilifatsa, ha ke a ka ka latela boBaale? Shadima tsela ya hao phuleng, o tle o itsebele seo o se entseng, wena sethole se lebelo sa kamele se mathang mane le mane!
Mme ba bile ba tla, ba le rua, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la hao, mme ha ba ka ba tsamaya melaong ya hao; tsohle tseo o nnileng wa ba laela tsona hore ba di etse, ha ba ka ba di etsa; eba ke moo o ba hlahiseditseng bobe bona kaofela.
Jehova a re ho Moshe: Bona, o se o ya orohela ho bontatao, mme setjhaba sena se tla tloha se itshilafatsa ka ho ineela medimo esele ya lefatshe leo se yang ho aha hara lona; se tla mphuralla, se tlole selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.
Etlare hobane o tswale bana le ditloholo, ha e se e le kgale le ahile lefatsheng leo, ekare ha le ka itshenya, la etsa setshwantsho se betlilweng, kapa setshwantsho sa eng le eng, mme la etsa tse mpe pela Jehova, Modimo wa hao, la mo halefisa,
Bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova; ba sebeletsa boBaale le boAshtarothe, le medimo ya Siria, le medimo ya Sidone, le medimo ya Moabe, le medimo ya bana ba Ammone, le medimo ya Bafilesta; ba furalla Jehova, ba lesa ho mo sebeletsa.
Yaba bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme Jehova a tsosa Eglone, morena wa Moabe, hore a lwantshe Baiseraele, kahobane ba entse ho leng hobe pela Jehova.
Bosiung bona boo, Jehova a re ho yena: Nka pohwana ya ntatao, le poho e nngwe e dilemo tse supileng, mme o heletse aletare ya Baale, e leng ya ntatao, mme o reme ashera e pela yona.
Ba hoeletsa ho Jehova, ba re: Re sitilwe, hobane re lahlile Jehova, ra ya, ra sebeletsa boBaale le Diashtarothe; jwale, re namolele matsohong a dira tsa rona, re tle re o sebeletse.
Ebile Samuele o bua le bohle ba ntlo ya Iseraele, a re: Ha le sokolohela ho Jehova ka dipelo tsohle tsa lona, le ke le tlose medimo esele, le Diashtarothe hara lona; le hlekele Jehova dipelo tsa lona, mme le sebeletse yena a nnotshi, etlaba hona a le namolelang matsohong a Bafilesta.